DIPESALEMA 140

Ho rapella ho sireletswa ho ba kgopo

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2 Morena ako nnamolele

ho batho ba kgopo,

o ntshireletse

ho batho ba sehloho.

3 Ba loha mano ka dipelong tsa bona,

ba qholotsa ntwa kamehla.

4 Ba leotsa maleme a bona

a be jwaloka a dinoha,

mahloko a marabe

a tswa melomong ya bona.

5 Morena, ako nnamolele,

o nnamolele diatleng tsa ba babe,

o ntshireletse ho batho ba sehloho,

ba rerang hore ke kgothometsehe.

6 Baikgohomosi ba ntjhehetse sefi,

ba nketseditse leraba ka dikgwele,

ba ntjheketse mamena pela tsela.

7 Ke itse ho Morena:

“Ke wena Modimo wa ka.”

Oho, Morena, sekeha tsebe,

o sekehele sello sa thapedi ya ka tsebe.

8 Morena, monga ka,

mopholosi wa ka ya matla,

o sireletsa hlooho ya ka,

o e sireletsa ka nako ya ntwa.

9 Morena,

se dumelle ditakatso tsa ya kgopo,

se dumelle hore di phethahale,

le hore merero ya hae e atlehe.

10 Ba ntikanetseng ba se tsohe molota,

ditshokelo tsa bona

di ke di ba wele hodimo.

11 Morena a ba nesetse

mashala a tukang,

a ba dihele mohohlong

oo ba ke keng ba tswa ho wona.

12 Moetseletsi a se hlole a eba teng,

e eba teng lefatsheng lena,

motho ya sehloho

a futuhelwe ke bokgopo,

bo mo timetsang.

13 Ke a tseba

hore Morena o tla emela

a emele nyewe ya mohlophehi,

a ahlolele le mofutsana.

14 Ruri ba lokileng

ba tla boka lebitso la hao,

ba pelo di ntle

ba tla phela pontsheng ya hao.