DIPESALEMA 141

Thapelo ya mantsiboya

1 Pesalema ya Davida.

Morena, ke ipiletsa ho wena,

ako mpotlakele;

sekehela lentswe la ka tsebe,

ha ke ipiletsa ho wena.

2 Thapelo ya ka

e nyolohele ho wena,

e nyolohe jwaloka mokubetso,

ke phahamise matsoho a ka

e le nyehelo ya mantsiboya.

3 Morena, ako bee molebedi,

o mmee molomong wa ka,

o dise monyako wa molomo wa ka;

4 pelo ya ka e se ke ya sekama,

ya sekamela dinthong tse mpe.

Ke se ke ka etsa

mesebetsi ya bokgopo

mokgatlong wa batho ba sa lokang;

ke se ke ka latswa menate ya bona.

5 Ho molemo

ha ke otlwa ke ya lokileng,

ke kgalemelwa ke yena;

hoo ke ole eo hlooho ya ka

e ke keng ya e hana,

ke tla nne ke rapele

leha ba kgopo ba ntshwenya.

6 Mohla baahlodi ba bona

ba dihelwang dilomong,

ke hona batho ba tla tseba

hore mantswe a ka e ne e le a nnete.

7 Jwalokaha ho kgathwa,

ho tabolwa thite,

masapo a bona

a tla qhalanngwa jwalo,

a qhalanngwe

kgorong ya Nqalo ya Bafu.

8 Morena, monga ka,

mahlo a ka a tadimile ho wena,

ke tshabela ho wena,

se ntlohelle hore ke timele.

9 Nqobise sefi

seo ba ntjhehileng ka sona,

le mamena

a ba etsang tse sa lokang.

10 Bohle ba kgopo

ba ke ba wele marabeng a bona,

ha nna ke phonyoha.