Thapelo ya ya hloriswang
1 Pesalema ya Davida.
Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao.
2 O se ke wa qosa mohlanka wa hao,
hobane ho wena
ha ho ya lokileng.
3 Sera se a ntelekisa,
se nkgatakella fatshe,
se mphedisa lefifing
jwaloka ba shweleng kgalekgale.
4 Moya wa ka o imetswe,
pelo ya ka e thethefetse,
e thethefetse ka sefubeng sa ka.
5 Ke hopola ditshiu tsa boholoholo,
ke lohotha diketso tsa hao tsohle,
ke nahana mesebetsi,
mesebetsi ya matsoho a hao.
6 Ke phahamisa matsoho a ka,
ke a phahamisetsa ho wena,
moya wa ka o o nyoretswe
jwaloka lefatshe le omeletseng.
7 Morena, ako nkarabe kapele;
moya wa ka o a tepella.
O se ke wa mpatela
sefahleho sa hao,
ke se ke ka tshwana
le ba theohelang lebitleng.
8 Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,
ke o tsebe e sa le hoseng,
hobane ke o tshepile;
mpontshe tsela
eo nka tsamayang ka yona,
hobane ke o rapela
ka moya wa ka wohle.
9 Morena, ako nnamolele,
o nnamolele direng tsa ka,
hobane ke tshabetse ho wena.
10 Nthute ho phetha thato ya hao,
hobane ke wena Modimo wa ka.
Moya wa hao o motle
o ke o ntsamaise,
o ntsamaise tseleng e bataletseng.
11 Morena, o tla nnea bophelo
ka baka la lebitso la hao,
o ntopolle matshwenyehong
ka baka la ho loka ha hao.
12 Ka baka la mohau wa hao ho nna,
o tla timetsa dira tsa ka,
o fedise bohle ba ntwantshang,
hobane nna ke mohlanka wa hao.