Boholo ba Modimo le molemo wa hae
1 Pesalema ya Davida. Thoko.
Ke tla o tumisa,
wena Modimo wa ka
o leng Kgosi ya ka,
ke boke lebitso la hao
kamehla le mehla.
2 Ke tla o boka
ka letsatsi le leng le le leng,
ke rorise lebitso la hao
kamehla le mehla.
3 Morena o moholo,
o lokelwa ke thoriso e kgolo,
boholo ba hae ha bo fihlelwe.
4 Moloko ho isa molokong o mong
o tlotlisa mesebetsi ya hao,
o bonahatsa ketso
tsa bonatla ba hao.
5 Batho ba tla bolela
kganya ya tlotla ya hao,
nna ke nahane dimakatso tsa hao.
6 Ba tla bolela
matla a ketso tsa hao tse tshabehang,
nna ke phete tsa boholo ba hao.
7 Ba tla etsa kgopotso
ya molemo wa hao o moholo,
ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.
8 Morena o mosa,
o na le kutlwelobohloko,
o dieha ho halefa,
o tletse mohau.
9 Morena o molemo ho bohle,
lerato la hae
le aparela mesebetsi yohle ya hae.
10 Morena, mesebetsi yohle ya hao
e a o leboha,
le batshepuwa ba hao ba a o boka;
11 ba bolela tlotla ya mmuso wa hao,
ba bua ka diketso tsa bonatla ba hao.
12 Ba tsebisa batho bohle
diketso tsa bonatla ba hao,
le tlotla e kganyang
ya mmuso wa hao.
13 Mmuso wa hao
ke mmuso wa kamehla yohle,
le puso ya hao
ke ya meloko yohle.
Morena o tshepahala
dipolelong tsohle tsa hae,
o mohau mesebetsing yohle ya hae.
14 Morena o tshehetsa bohle ba wang,
o phahamisa bohle
ba kgokgopaneng.
15 Mahlo a bohle a lebeletse wena,
hore o ba fepe ka nako e lokelang.
16 Ha o fuparolla seatla,
o kgorisa tsohle tse phelang
ka tseo di di lakatsang.
17 Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau.
18 Morena o haufi
le bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.
19 O phetha ditakatso
tsa ba mo tshabang,
o utlwa sello sa bona,
mme o a ba pholosa.
20 Morena o baballa bohle
ba mo ratang,
empa bohle ba kgopo o a ba timetsa.
21 Molomo wa ka
o ke o rorise Morena;
batho bohle ba boke
lebitso la hae le halalelang,
ba le boke kamehla le mehla.