DIPESALEMA 148

Tsohle di rorise Morena

1 Haleluja!

Rorisang Morena,

lona ba mahodimong,

mo roriseng,

lona ba hodimodimo.

2 Mo roriseng,

lona mangeloi a hae kaofela,

mo roriseng,

lona mabotho a hae wohle.

3 Mo roriseng,

lona letsatsi le kgwedi,

mo roriseng,

lona dinaledi tsohle tse phatsimang.

4 Mo roriseng,

lona mahodimo a hodimodimo,

le lona metsi

a kahodimo ho mahodimo.

5 Tsohle di ke di rorise

lebitso la Morena,

hobane o ile a laela,

mme tsa hloleha.

6 O entse hore di be teng

kamehla le mehla,

a di beela taelo

eo di ke keng tsa e tlola.

7 Rorisang Morena,

lona ba lefatsheng,

lona dikganyapa tsa mawatle

le tsa madiba wohle;

8 lona mollo le sefako,

lehlwa le mohodi,

moya wa sefefo

o phethang taelo ya hae;

9 lona dithaba le maralla wohle,

difate tsa ditholwana

le tsa dikedare tsohle;

10 lona diphoofolo tsa naha

le tsa hae tsohle,

dihahabi le dinonyana tse fofang;

11 lona dikgosi tsa lefatshe

le lona merabe yohle,

mahosana le baahlodi bohle

ba lefatshe;

12 lona bahlankana le lona barwetsana,

maqheku le lona ba batjha.

13 Tsohle di rorise

lebitso la Morena;

ke lona feela

le lokelang ho tlotliswa,

botlotlehi ba hae bo phahame,

bo phahametse lefatshe,

bo phahametse le mahodimo.

14 O tsositse setjhaba sa hae molota,

ke seo batshepuwa ba hae

ba ithorisang ka sona,

bana ba Iseraele,

setjhaba se leng haufi le yena.

Haleluja!