Melemo ya bohlale
1 Mora wa ka,
ha o ka mamela polelo tsa ka,
wa boloka ditaelo tsa ka;
2 wa sekehela bohlale tsebe,
pelo ya hao ya labalabela
ho ba le kutlwisiso;
3 ha o ka ipiletsa hore o be sedi,
wa kopa hore o be le kutlwisiso;
4 ha o ka e batla
sa hoja o batla silefera,
wa e batla sa tlotlo e le patuwe;
5 kutlwisiso ya ho tshaba Morena
o tla e fihlela,
ho tseba Modimo le hona
o ho fumane.
6 Ke Morena ya fanang ka bohlale,
tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
7 O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi.
8 O baballa ba lokileng
tseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse.
9 O tla utlwisisa ho loka,
ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng;
10 hobane bohlale
bo tla kena pelong ya hao,
tsebo e be boithabiso,
boithabiso ba pelo ya hao.
11 O tla baballwa ke ho ba le kelello,
kutlwisiso e o sireletse,
12 e o pholose tseleng tse kgopo,
e o phemise ba buang tse mpe,
13 ba lahlang tsela tse lokileng,
ba tsamayang tseleng tse lefifi.
14 Bona ba thabela ho etsa bobe,
ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
15 bao tsela tsa bona di kgopameng,
metsamao ya bona e kgelohileng.
16 O tla phemiswa mosadi wa sehlola,
mosadi ya ekang ka dipolelo,
17 ya sa tshepahaleng
ho monna wa hae,
ya lebalang
selekane sa Modimo wa hae.
18 Lapa la hae le kgannela lefung,
tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.
19 Ba kenang lapeng leo
ha ba ke ba kgutla,
le tsela ya bophelo ha ba e fumane.
20 Kahoo o tla tsamaya
tseleng ya ba lokileng,
o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.
21 Ba lokileng ba tla phela lefatsheng,
ba hlokang kodi ba ahe ho lona.
22 Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng,
mahlabaphiyo a timetswe ho lona.