Keletso ho batjha
1 Mora wa ka,
se lebale thuto ya ka,
pelong ya hao
melao ya ka o e boloke,
2 o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
lemo tsa kgotso di tle di o atele.
3 Eba le lerato, o be le botshepehi,
molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
4 O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.
5 Tshepa Morena
ka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
6 Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
7 O se ipone o le bohlale,
tshaba Morena, o sesefe bobe.
8 O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.
9 Tlotla Morena ka maruo a hao,
le ka lopotsiya tsohle
tsa dijalo tsa hao.
10 Disiu tsa hao
di tla sasamatswa ke tjhai,
merifi ya hao e kgaphatsehe veine.
11 Mora wa ka,
se nyedise kgalemelo ya Morena,
se kgathale ha a o laya,
12 hoba Morena o kgalema
eo a mo ratang,
sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.
13 Ho lehlohonolo
ya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso,
14 hoba bo feta silefera ka bohlokwa,
ho bo fihlela
ke tlotlo le fetang kgauta;
15 bo kgahleha
ho feta le mabenyane a bohlokwa,
ha ho letho
le ka bapiswang le bona;
16 ka ho le letona
bo kakatletse bolelele ba bophelo,
ka ho le letshehadi
bo kakatletse maruo le tlotla.
17 Tsela tsa bona di a kgahleha,
moo bo tsamayang teng
ho rena kgotso.
18 Ho ba bo kgomarelang
ke fate sa bophelo,
ho lehlohonolo
ba itshwarellang ka bona.
19 Ka bohlale
Morena o radile metheo ya lefatshe,
ka kelello
Morena a ala le mahodimo;
20 ka tsebo ya hae a arohanya madiba,
maru a latsa phoka,
a e latsa hodima lefatshe.
21 Mora wa ka,
boloka bohlale le tlhalohanyo,
di se tlohe mahlong a hao.
22 Tsena ho wena e tla ba bophelo,
di qhake molala wa hao,
di o kgabise.
23 O tla tsamaya o sireletsehile,
leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.
24 Ha o robala
o ke ke wa tshaba letho,
ha o robala
o tla kgaleha thuwe!
25 Se tshabe tlokotsi
e o tlelang ka tsometso,
kapa timetso
e welang ba kgopo hodimo;
26 hobane Morena
ke yena letshepa la hao,
leoto la hao
le ke ke la wela lerabeng.
27 Fana ka tse molemo
ho ba di hlokang,
ha o ena le matla a ho etsa jwalo.
28 O se ke wa re ho wa heno:
“Tsamaya o boele o kgutle,
ke tla o nea yona hosasa,”
empa o ntso ena le yona.
29 O se ke wa rerela wa heno bokgopo,
empa yena a phela le wena
a o tshepile.
30 Se qose motho ho se na lebaka,
ha yena a sa o senyetsa letho.
31 Se kgahlwe ke motho
ya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
32 Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa.
33 Morena o rohaka
malapa a ba kgopo;
o hlohonolofatsa a ba lokileng.
34 Morena o soma baikakasi,
athe baikokobetsi o a ba hauhela.
35 Ba bohlale bona o a ba tlotla,
athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha.