MAELE 7

1 Mora wa ka,

boloka polelo tsa ka,

o boloke taelo tsa ka,

di boloke ka pelong ya hao.

2 Boloka taelo tsa ka o tle o phele,

thuro tsa ka le tsona di hlokomele;

di hlokomele

seka thaka ya ihlo la hao.

3 Di tlamelle menwaneng ya hao,

o di ngole tlapeng la pelo ya hao.

4 Ere ho bohlale: “Wena kgaitsedi,”

kutlwisiso yona

e bitse motswalle wa hao.

5 Di tla o phemisa mosadi,

mosadi wa sehlola,

mosadi ya ekang ka dipolelo.

Mosadi wa sehlola

6 Fesetereng ya ntlo ya ka

ka tadima ka mamatjana a yona.

7 Ka tadima hara ba se nang tsebo,

ka bona mohlankana

ya hlokang kutlwisiso,

8 a feta pela huku ya seterata,

a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola;

9 e le ka shwalane,

tsatsi le se le diketse,

fifi la bosiu le qala ho aparela.

10 Mosadi a betseha

ho mo kgahlanyetsa,

a apere jwaloka seotswa,

ka maqheka a sona.

11 O manganga, ke mmadiberwane,

ke pheka-ke-leoto, ha a dule hae;

12 ere a le seterateng,

a be a se a le mabaleng,

a qatjhama jwalo

hukung tsa diterata.

13 A mamarela mohlankana enwa,

a mo aka,

ka fahleho se hlokang tlhong

a re ho yena:

14 “Kajeno ke entse nyehelo ya ka,

kano tsa ka kajeno ke di phethile,

ke na le dijo tsa nyehelo eo,

ke na le tsona ha ka;

15 ke tlile tjena ho o kgahlanyetsa,

kgale ke o batla, jwale ke o fumane!

16 Hodima moalo wa ka

ke adile masela a lene,

lene e mebalabala e tswang Egepeta.

17 Ke nonoditse moalo wa ka ka mmira,

ka o nonotsa ka lekgala le sinamone.

18 Tloo, re kgotsofatse rato la rona

ho fihlela bo esa,

re ithabise ka ho mamarelana.

19 Hae mona monna wa ka ha a yo,

o nkile leeto, o ile hole.

20 O nkile mokotlana o tletse tjhelete,

o tla kgutlela hae kgwedi e tolokile.”

21 Ka puo tsa lehelehele lena

mohlankana a ineela,

ka molomo wa lona o ekang,

mohlankana a hapeha.

22 Ka ho panya ha ntshi

mohlankana a le sala morao,

a le latela sa pholo e iswa tlhabong,

sa kgama e tlolela ka lemeneng;

23 sa nonyana e tshwaswa

ke raba le tjhehilwe,

e sa tsebe hore jwale e ya lefung,

ho fihlela ha motsu

o e phunya sebete.

24 Jwale bana ba ka mmameleng,

sekehelang polelo tsa ka tsebe.

25 Pelo tsa lona

di se latele mekgwa ya seotswa,

le se tsamaye mehlaleng ya sona.

26 Mahlatsipa a mangata

se a entse mofela,

tshwele la ba bolailweng ke sona

ha le na palo.

27 Ntlo ya sona

ke tsela e isang lebitleng,

ke mmila o isang Nqalong ya Bafu.