MAELE 21

1 Pelo ya kgosi

e ka atleng tsa Morena,

o e isa moo a ratang

sa metsi a molatswana.

2 Motho o bona tsela tsohle tsa hae,

o di bona di nepahetse,

empa Morena ke yena

ya lekolang pelo.

3 Ho etsa ho lokileng

le ho phetha toka

ho amoheleha ho Morena

ho feta sehlabelo.

4 Fahleho se hwapileng

le pelo e ikgohomosang,

e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!

5 Merero ya ya mafolofolo

e mo tlisetsa nala,

lepotlapotla lona le ikisa bofumeng.

6 Tlotlo le fumanwang

ka ho bua leshano

ke mouwane o fetang,

le leraba la lefu,

7 Dikgoka tsa ba kgopo

di tla ba timetsa,

hoba ba hana ho etsa ho lokileng.

8 Tsela ya ba molato

e matswedintsweke,

boitshwaro ba ba hlokang kodi

bo otlolohile.

9 Ho molemo

ho iphelela sekgutlwaneng,

kahodima marulelo a ntlo,

ho ena le ho phela

le mmadikomang,

ho phela le yena

ka tlung e le nngwe.

10 Motho ya kgopo o labalabela bobe,

ha a qenehele ya ahisaneng le yena.

11 Ha mosomi a otlwa,

ya se nang tsebo o a hlalefa;

ha ya bohlale a rutwa,

yena o fumana tsebo.

12 Modimo ya lokileng

o hlahloba lapa la ya kgopo,

o timetsa ya kgopo

ka baka la bokgopo ba hae.

13 Ya ithibang ditsebe

ha mofutsana a lla,

le yena o tla lla,

empa a ke ke a mamelwa.

14 Mpho ya lekunutu

e thethefatsa bohale,

tjotjo e kgwaetsweng ka kobong,

e kokobetsa kgalefo e tlokomang.

15 Ha ho sebetswa ka toka

ba lokileng ba a thaba,

athe ba kgopo

bona ba tlalwa ke tshabo.

16 Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso

pheletso ya hae

ke ho phomola hara bafu.

17 Ya hlanyetsang menyaka

o tla fumaneha,

ya ratang veine le dimenyemenye

ha a ka ke a rua.

18 Ya kgopo o rekiswa

bakeng sa ya lokileng,

ya sa tshepahaleng

yena bakeng sa ya kgabane.

19 Ho molemo

ho iphelela hara lehwatata,

ho ena le ho phela

le nkwapo, mmadikomang.

20 Lapeng la ya bohlale

ho tletse menono, le maruo,

athe sethoto sona

se hafaka se sa qenehele.

21 Ya thahasellang ho loka le lerato

o tla fumana bophelo

le toka le tlotla.

22 Ya bohlale

o hlasela qhobosheane ya bahale,

a heletse marako ao ba a tshepileng.

23 Ya kwalang molomo,

a tshwara leme la hae,

o iphemisa

hore a se kene ditsietsing.

24 Moikgohomosi ya mabefi

o bitswa “mosomi”,

boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.

25 Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona,

se leqe ho sebetsa,

ho sebetsa ka matsoho a sona;

26 se qeta letsatsi se lakatsa,

se sa fumane,

empa ya lokileng

o fana a sa kganane.

27 Sehlabelo sa ya kgopo

se a nyonyeha,

haholo ha a se etsa

ka morero o mobe.

28 Paki ya leshano e tla timela,

polelo tsa ya qalang ka ho mamela

di a amoheleha.

29 Ya kgopo

o sosobanya sefahleho,

ya lokileng

o hlokomela metsamao ya hae.

30 Ha ho bohlale, kelello, kapa morero

o ka atlehang ha Morena a sa o rate.

31 Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa,

empa tlholo yona ke ya Morena.