1 Motho ya nnileng a kgalengwa
empa a satalatsa molala,
hanghang o tla welwa ke kotsi,
pheko e be siyo.
2 Ha ba lokileng ba ngatafala,
tjhaba se a nyakalla,
empa ha ba kgopo ba busa
tjhaba se a lla,
3 Ya ratang bohlale o thabisa ntatae,
ya mathang le diotswa
o hafaka leruo la hae.
4 Ha kgosi e thahasella toka,
puso e a tsitsa,
kgosi e kgethisang setjhaba haboima
e futsanehisa naha.
5 Motho ya phoqang mohahabo
o itjhehela leraba ka boyena.
6 Sebe sa ya kgopo
ke lemena ho yena,
empa ya lokileng
o bina a nyakaletse.
7 Ya lokileng
o hlokomela tokelo tsa bafumanehi,
empa ya kgopo
yena ha a di natse ka letho.
8 Basomi ba fehla moferefere,
ba o fehla kahara motse,
empa ba bohlale
ba kokobetsa kgalefo.
9 Ha motho ya bohlale
a qosana le ya sethoto,
leha ya sethoto a ka halefa,
kapa a tsheha,
kgotso e ke ke ya eba teng.
10 Ba nyoretsweng madi
ba hloile ba lokileng,
empa ba lokileng
ba boulela bophelo ba hae.
11 Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,
empa ya bohlale yena o a e bipa.
12 Ha mmusi a mamela mashano,
bahlanka ba hae bohle
ba tla ba kgopo.
13 Mofumanehi le mohatelli
ba tshwana ka sena:
Morena o tutubolla mahlo,
mahlo a bona bobedi.
14 Kgosi e ahlolelang bafumanehi,
e ba ahlolelang ka toka,
terone ya yona
e tla tsitsa kamehla yohle.
15 Thupa le kgalemo di tlisa bohlale,
empa ngwana ya tlohetsweng feela,
o hlabisa mmae dihlong.
16 Ha ba kgopo ba anafala,
bokgopo bo a eketseha;
empa ba lokileng
ba tla bona ha ba timela.
17 Kgalema mora wa hao,
o tla fumana phomolo,
le moya wa hao o nyakalle.
18 Tjhaba se sa senolelwang ditaba,
se iketsetsa borata,
empa ho lehlohonolo
ya bolokang molao.
19 Lekgoba le ke ke la kgalengwa
ka ho buiswa feela,
le hoja le utlwisisa,
le ke ke la phetha taelo.
20 Motho eo ereng ha a bua
a phasolohe,
o ka tshepa sethoto
ho ena le yena.
21 Ya bokotsang kgoba la hae
ha a le hodisa,
le tla qetella le mo hlokela teboho.
22 Motho ya bohale o baka diqabang,
ya hlonameng
yena o tletse bokgopo.
23 Boikakaso ba motho bo a mo diha,
empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.
24 Motswalle wa leshodu o itlhoile,
o utlwa thohako, empa ha a e natse,
25 Ho tshaba batho
ke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.
26 Ba bangata
ba batla ho ratwa ke mmusi,
empa motho
o fumana toka ho Morena feela.
27 Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang,
ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.