Keletso ho dikgosi
1 Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae:
2 “Oho, ngwanaka!
Oho, ngwana popelo ya ka!
Wena eo ke mo filweng
ho arabela thapelo tsa ka,
3 se qete matla
a bonna ba hao ka basadi,
se tjhediete
le basadi ba timeditseng dikgosi.
4 “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele,
ho nwa veine ha ho di lokele,
ho tjhatjhehela jwala
ha ho lokele mahosana,
5 esere ha di nwele,
molao tsa o lebala,
bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6 Ba kgatheng la ho shwa
ba nweseng jwala,
ba sithabetseng dipelo
le ba nwese veine.
7 Ba tloheleng ba nwe,
ba lebale bofuma ba bona,
mahlomola a bona
ba se hlole ba a hopola.
8 “Eba molomo
wa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng.
9 Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana.”
Mosadi ya kgabane
10 Mosadi ya kgabane
a ka fumanwa ke mang?
Bohlokwa ba hae
bo feta le mabenyane a bohlokwa!
11 Monna hae
o mo tshepa a sa kganane,
mme bofutsana
a ke ke be a bo tseba.
12 Ke matsatsi wohle
a ho phela ha hae,
o etsetsa monna
tse molemo e seng tse mpe.
13 O batla boya, a batle motsitla,
a sebetse ka matsoho a hae
ka mafolofolo.
14 O tshwana le dikepe
tsa bo-rakgwebo,
dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.
15 O tsoha bosiu e sa le ka matjeke,
a fepe bohle ba lelapa la hae,
makgabunyane a hae
a a abele mosebetsi.
16 Ha a kgahlwa ke tshimo
eba o a e reka,
a e leme morara
ka tse sebeditsweng
ke matsoho a hae.
17 Theka la hae o le tlama hathata,
a matlafatse le matsoho a hae.
18 O lemoha hore kgwebo ya hae
e a mo atla,
bosiu bo sa
bone la hae le sa tingwe.
19 Toloki o e tshwara
ka letsoho la hae,
tshwele a e tshware
ka monwana ha a e ohla.
20 Bafumanehi o ba fepa a sa kganane,
bahloki le bona a ba atswe
ka tsoho le batsi.
21 Ha lehlwa le kgetheha
letswalo ha a na lona,
bohle ba lapa la hae
ba apesitswe tse mofuthu;
22 kallane tsa moalo o itohela tsona,
aparo tsa hae
ke tsa lene e ntle, e perese.
23 Monna hae
o hlompheha le kgorong tsa motse,
ha a dutse teng le baholo ba naha.
24 O roka diaparo tsa lene e ntle
a di rekise,
le wona maqhama
bahwebi ba a reka ho yena.
25 Matla le seriti
ke tsona aparo tsa hae,
taba tsa kamoso tsona o a di teola!
26 Ha a etswa molomo
o bua ka kelello,
thuto tsa mosa
di tswe lemeng la hae.
27 O sedi tabeng tsa lelapa la hae,
hase mokotla o mahlo,
mohlohlwa-o-rapame.
28 Bana ba hae
ba ema ba re o hlohonolo,
le monna hae a rialo,
a ba a mmabatse, a re:
29 “Basadi ba bangata
ke basadi ba kgabane,
empa wena kaofela o a ba feta!”
30 Leredi ke thetsane,
botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa.
31 Mo nee moputso wa matsoho a hae,
mosebetsi wa hae
o mo rorise kgorong tsa motse.