Tsohle di beetswe dinako
1 Dintho tsohle
di beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng:
2 Ke nako ya ho tswalwa
le nako ya ho shwa,
nako ya ho hloma
le nako ya ho hlomola;
3 nako ya ho bolaya
le nako ya ho fodisa,
nako ya ho heletsa
le nako ya ho haha;
4 nako ya ho lla
le nako ya ho tsheha,
nako ya maswabi
le nako ya mohobelo;
5 nako ya ho lahla majwe
le nako ya ho a phutha,
nako ya ho akana
le nako ya ho se akane;
6 nako ya ho batla
le nako ya ho tela,
nako ya ho boloka
le nako ya ho lahla;
7 nako ya ho tabola
le nako ya ho roka,
nako ya ho kgutsa
le nako ya ho bua;
8 nako ya ho rata
le nako ya ho hloya,
nako ya ntwa
le nako ya kgotso.
9 Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng?
10 Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.
11 O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
12 Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela.
13 Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.
14 Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
15 Tse teng ha di qale ho ba teng,
tse tla ba teng di bile teng pele;
Modimo o etsa hore tsohle di sene,
di suthelane sebaka.
Toka ha e yo lefatsheng
16 Mona lefatsheng
ka boela ka bona hona:
Sebakeng sa kahlolo
ka bona bokgopo,
sebakeng sa toka
ka bona bokgopo.
17 Yaba ke bua ka pelo, ke re:
“Modimo o tla ahlola
ya lokileng le ya kgopo;
ntho ka nngwe
e na le nako ya yona,
ketso ka nngwe
e na le nako ya yona.”
18 Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo.
19 Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.
20 Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.
21 Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”
22 Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?