MORUTI 11

Se etswang ke mohlalefi

1 Lahlela bohobe ba hao

hodima metsi,

hobane kamoso o tla bo fumana.

2 Bo abele ba supileng kapa ba robedi

kaha tsietsi tsa lefatshe

o ke ke be wa di tseba.

3 Haeba maru a dusa pula

a tla e nesetsa hodima lefatshe;

fate se ka wela ka borwa

kapa ka leboya,

moo se welang teng

ke moo se tla rapalla teng.

4 Ya lebeletseng moya a ke ke a jala,

ya tadimileng maru a ke ke a kotula.

5 Jwalokaha tsela ya moya

o sa e tsebe,

kapa popeho ya ngwana

ka popelong,

o ke ke wa tseba

mesebetsi ya Modimo,

e leng yena ya entseng tsohle.

6 Peo ya hao o e jale e sa le hoseng,

ho fihlela mantsiboya

matsoho a hao o se a phuthe,

hobane ha o tsebe e tla atleha,

kapa bobedi di tla mela hantle.

7 Ruri lesedi le molemo,

le mahlo a thabela ho bona letsatsi.

8 Leha motho a ka phela

lemo tse ngata,

a ithabisa ka tsona tsohle,

feela a hopole matsatsi a lefifi,

hobane a tla ba mangata haholo;

tsohle tse tla tla ke lefeela.

Keletso ho batjha

9 Wena mohlankana,

ithabise o sa le motjha,

o nyakallele matsatsi

a botjha ba hao;

o latele thato ya pelo ya hao,

o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao;

feela o tsebe Modimo o tla o ahlola,

a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.

10 Kahoo fedisa matshwenyeho

a pelo ya hao,

o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,

hoba bongwana le botjha

ke mafeelafeelane.