SEFELA SA DIFELA 1

1 Sefela sa Difela sa Solomone.

2 Ako nkake ka molomo wa hao,

hoba rato la hao

le monate ho feta veine.

3 Menkwane ya ditlolo tsa hao

e nkga hamonate,

bitso la hao le ka setlolo

ha se qhatsitswe,

hase feela barwetsana ba o dumang!

4 Nkuke ke ye le wena,

re mathe mmoho,

kgosi e nkise kamoreng ya yona.

Re tla didietsa, re o nyakallele,

re rorise rato la hao ho feta veine.

Ba nepile hakaakang

ha ba o duma hakaale!

5 Leha ke le motshwana,

nna ke botlenyana,

lona baradi ba Jerusalema;

ke motshwana sa tente tsa Kedare,

ke ka masira a tente ya Solomone.

6 Se mmakalleng

hobane ke le motshwana;

ke motshwana tjena

hobane tsatsi le ntjhesitse.

Kgaitsedi tsa ka

di ne di ntlhoile,

tsa ntaela

ho ya tshosa masimong a morara,

nako ya ho itlhokomela

yaba ke a e hloka.

7 Ako mpolelle,

wena moratuwa wa ka,

moo kgulo la mohlape wa hao

le leng teng,

moo o bothisang mohlape

wa hao teng,

ha le le hloohong tsa mengala,

esere ka fumanwa

ke ntse ke lelera,

ke o batla hara mehlape

ya thaka tsa hao.

8 Haeba o sa tsebe,

wena Seilatsatsi hara basadi.

latela mohlala wa mohlape,

potsanyane tsa hao o di fudise,

o di fudise pela ditente tsa badisa.

9 Wena moratuwa,

o ka pitse ya sethole,

e hulang kariki ya Faro ya ntwa.

10 Marama a hao a a rateha

ka masale a lepeletseng,

molala wa hao

o tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.

11 Re tla o etsetsa masale a kgauta,

re a kgabise

ka naletsana tsa silefera.

12 Ha kgosi e ne e dutse dijong,

menkwane ya ka ya nkga hamonate.

13 Ho nna moratuwa

o ka mokotlana o tshetseng mmira,

o bang fubeng sa ka

ka nako tsohle.

14 Ho nna moratuwa

o tshwana le thunthung tsa mmasa,

tse tswang masimong a morara,

masimo a Ene-Gedi.

15 O motle hakaakang,

wena moratuwa wa ka!

O motle hakaakang!

Mahlo a hao

a mapudutswana sa maeba!

16 O motle hakaakang,

wena moratuwa!

E, ruri o motle, o a rateha!

Moalo wa rona

o ka jwang bo botalana!

17 Dibalaka tsa ntlo ya rona

ke tsa kedare,

maballo a yona

ke a difate tsa modutu.