Sefela se rorisang tshimo ya morara
1 Moratuwa wa ka
ke tla mminela sefela,
Ke binele tshimo ya hae sefela,
tshimo ya hae ya morara;
moratuwa o ne a ena le tshimo
rallaneng le mobu o motle.
2 A e kgatha, a hleka majwe ho yona,
ho yona a lema
morara o motlemotle,
a haha kalana bohareng ba yona,
a ba a e tjhekela setlhotlelo,
a lebella hore e behe
morara o monate,
empa ya beha morara wa hlahlaane.
3 “Lona banna ba Jerusalema
le banna ba Juda,
a ke le ahlole pakeng tsa ka,
le tshimo ya ka ya morara.
4 Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng,
ho feta seo ke e etseditseng sona?
Ha ke ne ke lebeletse
hore e behe morara o monate,
ho tlile jwang
hore e behe morara wa hlahlaane?
5 Ke tla le bolella seo ke tla se etsa,
ke se etse
tshimong ya ka ya morara:
Motero wa yona
ke tla o tlosa e fetohe lekgulo,
mabota a yona ke a heletse,
a hatakelwe ka maoto.
6 Ke tla e tlohela e senyehe,
morara o ke ke wa faolwa
kapa wa lemelwa,
hlabahlabane le meutlwa
di tla mela ho yona,
ke thibele maru
a se ka e nesetsa pula.”
7 Tshimo ya morara
ya Morena wa mabotho,
ke ntlo ya Iseraele,
tjhaba sa Juda
ke semela se mo kgahlang;
Morena a batla toka,
empa a e hloka,
bakeng sa ho loka
ya eba dillo le tshollo ya madi.
Bobe bo etswang ke batho
8 Ho madimabe lona
ba inkelang matlo a batho,
lona ba itjellang masimo a batho,
ho fihlela baka sohle e le sa lona,
le phela le le inotshi naheng eo.
9 Morena wa mabotho
o nnyenyeleditse, a re:
“Matlo a mangata
a tla sala e le dithako,
matlo a maholo, a matle,
a hloke baahi.
10 Diakere tse leshome
tsa tshimo ya morara
di tla beha dilethara
tse robedi feela tsa veine;
peo e etsang dilethara
tse lekgolo le mashome a robedi
e behe dilethara
tse leshome le metso e robedi,
tse kaalo feela tsa koro.”
11 Ho madimabe
ba tsohellang jwaleng,
ka madungwadungwana,
ba inwellang ho fihlela bosiu,
ba tahwe ke veine.
12 Meketeng ya bona
ba letsa harepa le dikatara,
ba tidinye meropa le makodilo,
ba nwe veine;
mosebetsi wa Morena
wona ha ba o natse,
tseo a di entseng tsona
ha ba di bone.
13 Ka baka leo,
tjhaba sa ka se tla thopuwa
hoba tjhaba sena
se hloka kutlwisiso;
bahlomphehi ba sona
ba tla bolawa ke tlala,
bongata ba sona
bo tla shwa ke lenyora.
14 Kahoo lebitla le ba lapetse,
le se le ahlame, le ba emetse;
kgabane tsa bona le matshwele
di theohela teng,
di theohela le menyaka
le marata a tsona.
15 Bohle ba tla nyenyefatswa,
ba kokobetswe,
baikakasi le bona ba kokobetswe.
16 Morena wa mabotho
o tla ba phahamela kahlolong,
Modimo ya halalelang
o tla iponahatsa,
ka ho loka a iponahatse a halalela.
17 Dinku di tla fula
eka ke makgulong a tsona,
dikonyana tsona di fule
thakong tsa barui.
18 Ho madimabe
ba ikgulelang bokgopo,
ka thapo tsa mafeela,
ba ikgulelang sebe
jwalokaha kariki e hulwa;
19 ba reng:
“Modimo a akofise mesebetsi ya hae
re e bone,
merero e atamele,
merero ya Ya Halalelang wa Iseraele
e atamele re tle re e tsebe.”
20 Ho madimabe ba reng
bobe ke ho loka,
ho loka ke bobe,
ba reng lefifi ke lesedi,
lesedi ke lefifi,
ba reng ho babang ho monate,
ho monate ho a baba.
21 Ho madimabe ba reng ba bohlale,
bona ba iponang ba le masene.
22 Ho madimabe ba reng
ha ba hlolwe ke jwala,
ba reng ba tseba haholo
ho tswaka dino;
23 ba lokollang ya molato
ka baka la tjotjo,
ya se nang molato
yena ba mo hlokele toka.
24 Ka baka leo, ba tla tjha
sa ditlhaka di tjheswa ke mollo,
ba tjhe sa matlakala
a tjheswa ke malakabe,
metso ya bona e tla bola,
thunthung tsa bona
di fefohe jwaloka lerole,
hobane ba furaletse molao
wa Morena mabotho,
ba nyedisitse polelo
tsa Ya Halalelang wa Iseraele.
25 Ka baka leo, kgalefo ya Morena
e tlokomela tjhaba sa hae,
o phahamisitse tsoho la hae,
o a ba otla, thaba di a reketla,
topo tsa bona eka matlakala
hara seterata.
Leha ho le jwalo,
kgalefo ya hae ha e kgaotse,
tsoho la hae
o ntsa le phahamisitse.
26 O phahamiseditse
tjhaba tse hole mokgele,
ba pheletsong tsa lefatshe
o ba bitsa ka molodi,
ke bana ba etla kapele,
ba potlakile!
27 Ha ho le ya mong wa bona
ya kgathalang, a kgothometsehe,
ha ho leqhama
le kgwehlileng thekeng,
ha ho lerapo
la moqathatso le kgaohileng.
28 Metsu ya bona e ntjhotjho,
diqha tsa bona di dutse di kobilwe,
tlhako tsa pere tsa bona
eka mahakwe,
mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa
eka setsokotsane.
29 Ho puruma ha bona ho ka ha tau,
ba puruma jwaloka ditawana,
ba a rora
ha ba tshwara phofu ya bona,
ba e hlasinye
ho se ya ka e pholosang ho bona.
30 Tsatsing leo, ba tla puruma
ba e hateletse,
ba purume sa lewatle le hwasa.
Etlare ha motho a tadima lefatshe
a bone lefifi le ditlallo,
lesedi le lona
le fifaditswe ke maru.