ESAYA 12

Sefela sa teboho

1 Mohla tsatsi leo, o tla re:

“Oho, Morena, ke tla o boka,

le hoja o ne o nkgalefetse;

kgalefo ya hao e kgaoditse,

wena o fela o ntshedisitse.

2 Modimo ke mopholosi wa ka,

ke tla mo tshepa,

mme ke se ke ka tshaba;

Morena ke matla a ka,

ke pina ya ka,

Morena o fetohile

mopholosi wa ka.”

3 Le tla ikgella metsi le thabile,

le a kge didibeng tsa pholoho.

4 Mohla tsatsi leo, le tla re:

“Lebohang Morena, le mo rapele,

phatlalatsang mesebetsi ya hae

hara ditjhaba,

le bolele hore bitso la hae le leholo.

5 Binelang Morena,

hobane o entse tse tlotlehang,

tsena le di tsebise lefatshe lohle.

6 Howeletsang haholo,

le didietse ka thabo,

le bine lona baahi ba Sione.

Ya Halalelang wa Iseraele

o moholo hara lona.”