Jakobo o porofetela bara ba hae
1 Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.
2 “Bokanang le mamele,
bara ba Jakobo,
mamelang ntata lona Iseraele.
3 “Rubene, ke wena letsibolo la ka;
ke wena matla a ka,
le tholwana ya pele ya bonna ba ka;
o feta ba bang
ka seriti le ka bonatla.
4 O ka metsi a tsapolong,
empa o ke ke
wa ba feta ka boholo,
hobane wa na wa kena
kobong tsa mohatsa ka,
wa hlompholla phate tsa ka
ka ho hlwella ho tsona.
5 “Simeone le Levi
ke bana ba letswele,
dihlomo tsa bona ke tse sehloho.
6 Moya wa ka
o se kene mererong ya bona,
pelo ya ka
e se kene mokgatlong wa bona,
hobane ha ba halefile
ba na ba bolaya batho,
ha ba halefetse lefeela
ba kgaola dipholo mesifa.
7 Ho rohakwe bohale ba bona,
hobane bo ne bo tshabeha;
le kgalefo ya bona,
hobane e ne e se na mohau!
Ke tla ba qhalakanya
hara bana ba Jakobo,
ke ba hasanye
hara fatshe la Iseraele.
8 “Wena, Juda,
bana beno ba tla o rorisa,
tsoho la hoa
le tla kgama dira tsa hao;
bana beno
ba tla kgumama kapele ho wena.
9 Juda ke tawana!
O nyolohetse thabeng,
mora wa ka, o tswa hapa;
o a borama,
o qatjhama jwaloka tau,
mme, jwaloka tauhadi,
o ka tsoswa ke mang?
10 Lere la bokgosi
le ke ke la tloha ho Juda,
le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae,
ho fihlela monga lona a fihla,
yena eo ditjhaba di tla mo mamela.
11 O holeha tonki ya hae morareng,
le pohwana ya tonki
morareng o kgethehileng;
o hlatswa diaparo tsa hae ka veine,
le kobo ya hae ka lero la morara.
12 Mahlo a hae a tlerefetse ke veine,
meno a hae a masweu ke lebese.
13 “Sebulone
o tla aha lebopong la lewatle,
e tla ba yena kou ya dikepe,
meedi ya hae e tla fella Sidone.
14 “Isakare ke tonki e matla,
o bothile pakeng tsa masaka.
15 O bona hore ho phomola
ho monate,
le hore naha e a kgahleha;
a sekamisa lehetla la hae ho jara,
a sebeletsa monga hae e le lekgoba.
16 “Dane o tla busa setjhaba sa hae
e le e mong wa merabe ya Iseraele.
17 Dane e tla ba noha e ka tseleng,
e be marabe ya dinaka ka tseleng,
ya lomang ditlhako tsa pere,
mopalami wa yona a we ka sanketse.
18 “Ke lebeletse
ho pholoswa ke wena, Morena.
19 “Gade o tla futuhelwa
ke mabotho a bahlabani;
yena o tla ba phaladisa,
a ba hate direthe.
20 “Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi,
o tla fana ka dimonate tsa kgosi.
21 “Nafthali ke kgama ya molalasekwai,
e tswalang manamane a matle.
22 “Josefa ke tholwana
ya sefate se behang,
tholwana ya sefate se behang,
se pela sediba,
makala a sona
a rarahane hodima lerako.
23 Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa,
ba diqha ba a mo phephetsa,
24 empa seqha sa hae se ntse se tiile,
o matjato diatleng
le matsohong a hae;
o thuswa ke matsoho
a Ya Matla wa Jakobo,
e leng Modisa, Lefika la Iseraele.
25 Modimo wa ntatao a ke a o thuse,
yena Ya Matla wohle
a ke a o hlohonolofatse,
ka mahlohonolo
a tswang hodimo, lehodimong,
ka mahlohonolo
a tswang madibeng katlasa lefatshe,
ka mahlohonolo
a ho tswala le ho nyantsha.
26 Mahlohonolo a ntatao
a feta mahlohonolo a dithaba
tsa mehla yohle,
le mekgabo ya maralla
a mehla yohle;
kaofela a ke a be hodima hlooho,
hlooho ya Josefa,
a be hodima phatla,
ya eo e leng mokgethwa
ho bana babo.
27 “Benjamine ke phiri e harolakang,
hoseng e kgetshela tse bolailweng,
mantsiboya e arola kgapo ya yona.”
28 Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.
Lefu la Jakobo
29 Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete;
30 lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla.
31 Aborahama le mosadi wa hae Sara ba epetswe hona teng. Isaka le mosadi wa hae Rebeka le bona ba epetswe hona teng; le Lea ke mo epetse hona teng.
32 Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.”
33 Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.