Senwelo se lahlehileng
1 Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae.
2 Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.
3 Ha ho qala ho ela, banna bana ba dumellwa hore ba tsamaye le ditonki tsa bona.
4 Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: 5 Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo!> ” 6 Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana. 7 Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo! 8 Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao? 9 Mang kapa mang wa bahlanka ba hao, eo senwelo seo se tla fumanwa ho yena, o tla shwa, mme le rona re tla ba makgoba a morena rona.” 10 Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.” 11 Ba potlaka, e mong le e mong a bofolla mokotla wa hae, a o qhaqholla. 12 Yaba o a batla; a qala ka e moholo, a qetella ka wa ho fela, mme senwelo sa fumanwa ka mokotleng wa Benjamine. 13 Jwale ba hahola diaparo tsa bona, e mong le e mong a bofa tonki ya hae, mme ba kgutlela motseng. 14 Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena. 15 Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?” 16 Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.” 17 Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.” 18 Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro. 19 Morena ka, o botsitse bahlanka ba hao, wa re: 20 Yaba re re ho morena ka: 21 “Yaba o re ho bahlanka ha hao: 22 Ra re ho morena ka: 23 Yaba o re ho bahlanka ba hao: 24 Ha re se re kgutletse ho mohlanka wa hao, ntata rona, re ile ra mmolella mantswe a morena rona. 25 “Yare ha ntata rona a re: 26 ra re: 27 “Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: 28 E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale. 29 Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.> 30 “Jwale ha nka ka fihla ho ntate, mohlanka wa hao, mohlankanyana a le siyo, kaha pelo ya ntate e mo kgomaretse, 31 ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi. 32 Nna, mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka mohlankanyana, ka re: 33 “Ke a o kopa he, o mpe o dumelle mohlanka wa hao ho sala sebakeng sa mohlankanyana, e le lekgoba la morena ka, mme o lese mohlankanyana a nyolohe le bana babo. 34 Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”Juda o buella Benjamine