TSHIMOLOHO 3

Noha e eka mosadi

1 Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ?”

2 Mosadi a araba noha, a re: “Re ka ja ditholwana tsa difate tse serapeng,

3 empa ha e le ditholwana tsa sefate se bohareng ba serapa, Modimo o itse:

4 Jwale noha ya re ho mosadi: “Ruri ha le ka ke la shwa!

5 Modimo o tseba hore mohla le ka se jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, le tshwane le Modimo, le tsebe botle le bobe.”

6 Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.

7 Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.

Modimo o ahlola motho

8 Jwale ba utlwa ha Morena Modimo a bua, ha a ntse a tsamaya hara serapa, moyeng o maphodi wa mantsiboya. Monna le mosadi wa hae ba ipatela Morena Modimo hara difate tsa serapa.

9 Morena Modimo a bitsa monna, a re ho yena: “O hokae na?”

10 Monna a arabela, a re: “Ke ile ka utlwa ha o ntse o tsamaya mona serapeng, ka tshaba, hobane ha ke a tena letho, mme ka ipata.”

11 Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”

12 Monna a re: “Mosadi eo o nneileng yena, hore a be le nna, o mphile tse tswang sefateng, mme ka fela ka ja.”

13 Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?”

Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”

14 Morena Modimo a re ho noha:

“Hara makgomo wohle,

le diphoofolo tsohle tsa naha,

o rohakehile,

kahobane o entse sena!

O tla holoba ka mpa ya hao,

o je lerole ka matsatsi wohle

a ho phela ha hao.

15 Ke tla hlahisa bora

pakeng tsa hao le mosadi,

le pakeng tsa madinyane a hao

le bana ba hae.

Bana ba hae

ba tla kgoba hlooho ya hao;

wena o tla ba loma serethe.”

16 A re ho mosadi:

“Ha o ithwetse,

ke tla o atisetsa bohloko.

O tla beleha bana ka bohloko,

o lakatse monna wa hao,

mme yena a o buse.”

17 Jwale ho Adama a re:

“Kahobane o mametse polelo

ya mosadi wa hao,

wa ja sefate seo ke ileng ka o laela,

ka re:

mobu o rohakehile ka baka la hao.

O tla ja tse tswang ho wona

ka ho sebetsa ka thata,

ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.

18 Mobu oo

o tla o medisetsa meutlwa,

o o medisetse le tshehlo,

o je meroho ya naha.

19 O tla ja bohobe

ka mofufutso wa phatla ya hao,

ho fihlela o boela mobung,

hobane o ntshitswe mobung,

o lerole,

mme o tla boela leroleng!”

20 Monna a rea mosadi lebitso la Eva, hobane ke yena mma batho bohle ba phelang.

21 Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa.

Motho o lelekwa serapeng sa Edene

22 Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!”

23 Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.

24 A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.