TSHENOLO 7

Ho tshwauwa ba 144 000 ba bana ba Iseraele

1 Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.

2 Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,

3 la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.”

4 Ka utlwa ho bolelwa palo ya ba tshwailweng e le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tswang melokong yohle ya bana ba Iseraele.

5 Lelokong la Juda ho ne ho

tshwailwe ba dikete tse leshome le

metso e mmedi;

lelokong la Rubene, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Gade, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

6 lelokong la Asere, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Nafthali, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Manase, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

7 lelokong la Simeone, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Levi, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Isakare, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

8 lelokong la Sebulone, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Josefa, ba dikete tse

leshome le metso e mmedi;

lelokong la Benjamine, ba dikete

tse leshome le metso e mmedi.

Letshwelehadi le tswang ditjhabeng tsohle

9 Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.

10 Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re:

“Tlholo ke ya Modimo wa rona

ya dutseng teroneng,

le ya Konyana.”

11 Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo,

12 a re:

“Amen. Thoriso, le tlotla,

le bohlale, le teboho, le hlompho,

le borena, le matla

di ke di be ho Modimo wa rona

kamehla le mehla! Amen.”

13 Jwale e mong wa baholo a mpotsa, a re: “Ke bo-mang baa ba apereng diaparo tse tshweu? Ba tswa kae?”

14 Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.”

A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.

15 “Ke ka lebaka leo ba emeng

kapele ho terone ya Modimo,

mme ba mo sebeletsa

motsheare le bosiu

ka tempeleng ya hae.

Ya dutseng teroneng

o tla ba sireletsa

leahong la hae.

16 Ha ba ka ke ba hlola ba lapa

kapa ba nyorwa;

ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,

kapa lebatama lefe kapa lefe,

17 hobane Konyana

e bohareng ba terone

e tla ba disa,

e ba ise didibeng

tsa metsi a bophelo.

Modimo o tla hlakola

meokgo yohle mahlong a bona.”