SOFONEA 1

1 Mehleng ya puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Sofonea, mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedaleya, Gedaleya ya tswalwang ke Amariya, Amariya ya tswalwang ke Hesekiya.

Letsatsi la Morena la kahlolo

2 “Tsohle tse lefatsheng

ke tla di fedisa,”

ho rialo Morena.

3 “Ke tla timetsa batho,

ke timetse diphoofolo,

ke timetse nonyana

tse fofang sepakapakeng,

ditlhapi tsa lewatle

le tsona ke di timetse.

Ke tla fedisa dikgopiso

mmoho le ba kgopo,

batho bohle lefatsheng

le bona ke ba timetse,”

ho rialo Morena.

Kahlolo ya Juda

4 “Ke tla otlolla tsoho la ka,

ke le otlollele hodima Juda,

ke le otlollele le hodima Jerusalema.

Masalla wohle a Baale ke tla a fedisa,

ke a fedise sebakeng sena,

le baprista ba bohata ke ba fedise;

5 bona ba obamang

ba le hodima matlo,

bona ba obamang,

ba kgumamela dinaledi,

ba kgumamela kgwedi,

ba kgumamela letsatsi,

bona ba obamang,

ba hlapanye ka bitso la Morena,

empa ba ntse ba hlapanya

le ka Milekome.

6 Batho bana

ke ba furaletseng Morena,

ba mo furalla, ba se ke ba mmatla,

leha e le hona ho ipiletsa ho yena.

7 Kgutsang ha le le kapele ho Morena,

kapele ho Morena Modimo,

hobane tsatsi la Morena le atametse.

Morena o sa lokisitse sehlabelo,

le bamemuwa ba hae

o sa ba kgethile.

8 Mohla Morena a etsang sehlabelo,

ke tla otla mahosana

le bara ba kgosi,

le bohle ba apereng meaparo esele.

9 Mohla tsatsi leo ke tla otla,

ke otle ba sa hateng

kosene ya monyako,

ke otle ba tlatsang

ntlo ya mong bona,

ba e tlatse

ka tse hapilweng ka dikgoka,

ba e tlatse

ka tse hapilweng ka bolotsana.

10 “Mohla tsatsi leo,”

ho rialo Morena,

“mokgosi o tla utlwahala

Monyakong wa Ditlhapi,

seboko se utlwahale

se etswa motsemotjha,

le modumo o moholo

o utlwahale maralleng.

11 Bokollang, lona ba ahileng

tlase ho motse,

hoba bahwebi bohle ba lona

ba tla fediswa,

bohle ba ananyang ka silefera

ba timetswe.

12 Ka nako eo

Jerusalema ke tla e lekola,

ke e lekole

ke e kgantshitse ka mabone;

ke otle bohle ba dutseng ba iketlile,

ba kang maritsa a veine a qitile,

ba duletseng ho bua ka pelo, ba re:

a ke ke be a etsa botle

leha e le bobe.>

13 Matlotlo a bona a tla lobelwa,

matlo a bona a heletswe,

e be masupi.

Matlo a bona wona ba tla a haha,

empa ha ba ka ke ba dula ho wona;

morara le wona ba tla o hloma,

empa veine ya wona

ha ba ka ke ba e nwa.”

Letsatsi le leholo la Morena

14 “Tsatsi le leholo la Morena

le atametse, le tla le potlakile,

Utlwang, tsatsi la Morena ke leo!

Mohlabani o tla howa a se na tshepo.

15 Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo,

ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola,

ke tsatsi la timelo le la tshenyeho,

ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana,

tsatsi le phetheselang maru,

maru a matshomatsho!

16 Ke tsatsi la lenaka ho houtsa,

ke tsatsi la mokgosi wa ntwa,

ke tsatsi la ho futuhela metse,

la ho futuhela marako,

marako a tshireletso!

17 Ke tla bakela batho mahlomola,

tsela ba e phopholetse sa difofu,

hoba ba entse sebe,

ba sitetswe Morena.

Madi a bona

a tla tsholoha sa lehlabathe,

mala a bona

a petletsehe sa bolokwe.

18 Mohla tsatsi leo

la kgalefo ya Morena,

silefera ya bona,

esita le yona kgauta,

tsena ha di ka ke

tsa tseba ho ba pholosa.

Kgalefo ya Morena

e tukang malakabe,

e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle.

Baahi bohle ba lefatshe

o tla ba timetsa,

a ba timetse hang,

ka ho panya ha ntshi.”