SEFELA SA DIFELA 7

1 Maoto a hao

a tshwanelwa ke meqathatso,

a tshwanelwa ke yona hakaakang,

wena kgosatsana, moradi wa kgosi!

Thopola tsa hao di ka mabenyane,

mabenyane a entsweng

ke setsebi sa mekgabiso.

2 Mokgubu wa hao o ka mopotjwana,

o sa ke be o hloke veine

e tswakilweng ka dinoko.

Theka la hao

le tshwana le setha sa mabele,

se potapotilweng

ke mehaladitwe kahohle.

3 Matswele a hao

a ka potsanyane tse pedi,

potsanyane tsa mafahlanyana,

potsanyane tsa tshepe.

4 Molala wa hao

o ka tora ya manaka a tlou,

mahlo a hao

a ka matshana a Heshebone,

a pela monyako wa motse,

motse oo o moholo.

Nko ya hao

e ka tora ya Lebanone,

tora e lebileng

ka nqeng ya Damaseka.

5 Hlooho ya hao

e phahame sa Thaba ya Karamele,

moriri wa hao

o benya sa lesela le perese,

lenyetse la hao

le hapile pelo ya kgosi.

6 O motle hakaakang, wena moratuwa!

Rato la hao le kgahlisa ka tsohle!

7 Seemo sa hao

se ka fate sa palema,

matswele a hao

a ka masihla a morara.

8 Yaba ke re:

“Ke tla hlwella

hodima fate sena sa palema,

ebe ke kgola tholwana tsa sona.”

Matswele a hao

a tla ka masihla a morara,

moya wa hao

o ke monkwane wa diapole,

9 molomo wa hao

o ke veine e monate.

A veine e lelemelle ho moratuwa,

e theohele molomong

le menong a hae.

10 Nna ke wa moratuwa wa ka,

takatso tsa hae di tobile nna feela.

11 Tloo, moratuwa, re ikele hara naha,

re yo ipaqamela hara dipalesa.

12 A re tsohelle rapeng tsa morara,

re yo bona

hore na morara o so fupile,

na thunthung tsa wona

di se di hlahile,

na dikgarenate

di se di thuntse na.

Lerato ke tla o abela lona re le moo.

13 Apole tsa moratiso

di nkga hamonate,

tholwana tsa mefuta yohle

di pela monyako wa rona;

tholwana tse ntjha

le tholwana tsa kgale

ke o boloketse tsona,

wena moratuwa.