1 O motle hakaakang,
wena moratuwa wa ka!
O motle hakaakang!
Mahlo a hao a kwahetsweng
ke lesira a ka maeba,
moriri wa hao
o ka mohlape wa dipodi
ha di lepella Thabeng ya Gileade.
2 Meno a hao a ka mohlape wa dinku
di qeta ho kutwa,
di nyoloha
moo di tswa hlatsuwa teng;
thojana ka seng se tswetse mafahla,
ha ho le se seng sa tsona
se sa tswalang.
3 Melomo ya hao
e ka kgwele e kgubedu,
ho bua ha hao
le hona ho a kgahleha;
marama a hao,
a kwahetsweng ke lesira,
a tshwana le kgekge tsa kgarenate,
kgarenate e petsotswe.
4 Molala wa hao
o tshwana le tora ya Davida,
e hahilweng
ka bokgabane bo boholo;
ho yona ho leketla dithebe
di le sekete,
kaofela ha tsona
e le dithebe tsa bahlabani.
5 Matswele a hao
a ka potsanyane tse pedi,
mafahlanyana a tshepe
a fulang mehaladitweng.
6 Tsatsi le eso tjhabe,
meriti e eso honyele,
ke tla nyolohela thabeng
e metseng tlama tsa mmira,
ke nyolohele leralleng
le metseng tlama tsa mokubetso
7 Moratuwa,
botle ba hao bo phethehile,
botle ba hao bo hloka sekodi.
8 Tloha le nna Lebanone,
monyaduwa wa ka,
tloha le nna Lebanone!
Theoha tlhorong ya Amana,
o theohe tlhorong ya Senire
le ya Heremone,
o tlohe dilaong tsa ditau,
thabeng tseo mangau
a phelang ho tsona.
9 O hapile pelo ya ka,
wena kgaitsedi,
o hapile pelo ya ka,
monyaduwa wa ka;
wa e hapa ka ho nthe hedi!
ka la moleka,
ka mofollelo o le mong
wa faha sa molala wa hao.
10 Rato la hao le monate hakaakang,
kgaitsedi, monyaduwa wa ka!
Rato la hao
le monate ho feta veine,
menkwane ya hao
e feta le ya dinoko!
11 Mahe a dinotshi
a rotha molomong wa hao,
monyaduwa wa ka,
tlasa leme la hao
ho tswa lebese, le mahe a dinotshi,
menkwane ya aparo tsa hao
e ka ya Lebanone.
12 O rapa se sireleditsweng,
kgaitsedi, monyaduwa wa ka;
o diba se haheleditsweng,
sa bitielwa.
13 Dikgarenate ke dimela
tsa tshimo ya hao,
tholwana tsa tsona,
ka monate, di a babatswa!
Mmasa le dinareta
le tsona di a fumanwa.
14 Ho metse nareta le saforone
le lehlaka le sinamone,
le fate tsa mokubetso
ka mefuta ya tsona.
Mmirale lekgala
le tsona di mela moo,
le tlamana tsohle
tse monko o monate.
15 O mohlodi o nwesetsang serapa,
o diba sa metsi a kollang,
a phallang
a etswa kwana Lebanone.
16 Tsoha wena moya wa leboya,
ako tle le wena moya wa borwa!
Puputlelang ka serapeng sa ka,
menkwane ya sona
e phatlallele hohle,
moratuwa a ke a tle
ka rapeng sa hae,
a je tholwana tse monate
ka ho fetisa!