SEFELA SA DIFELA 2

1 Nna ke palesa ya Sharone,

mohaladitwe o melang dikgohlong.

2 Ha moratuwa a le hara barwetsana

o ka mohaladitwe hara meutlwa.

3 Ha moratuwa a le hara bahlankana,

o ka fate sa apole

hara fate tsa meru.

Ke thabela ho phomola

moriting wa hae;

tholwana hae e a hlabosa

ha ke e latswa.

4 O nkisitse tlung ya boithabiso,

tlung ya dino,

a ntshireletsa ka mokhele

wa lerato la hae.

5 Mmatlafatseng

ka mangangajane a morara,

le nkgathlolose

ka ho mpha diapole,

hoba rato ke lena

le mphokodisitse.

6 Ke samme tsoho la hae

le letshehadi,

ka tsoho la hae le letona

o nkopile.

7 Lona baradi ba Jerusalema

ke a le laya,

ke le laya ka ditshepe

le ka dikgama tsa naha:

Le se tsose moratuwa wa ka

kapa la mo sisinya,

ho fihlela yena

a ka rata ho tsoha.

Sefela sa bobedi

8 Ke utlwa lentswe la moratuwa,

lentswe ke leo!

Ke eo a etla

a tlola hodima dithaba,

a ntsa laqoma hodima maralla.

9 Moratuwa o tshwana le tshepe

kapa namane ya kgama;

mmoneng ke eo

a eme kamora lerako,

a shebile ka fesetere,

a hlwedisa le ka diphera.

10 Jwale moratuwa o bua le nna, o re:

“Ema, wena moratuwa wa ka,

wena botlenyana wa ka,

itlele re tsamaye.

11 Bona, mariha a sa fetile,

pula le tsona di kgaoditse.

12 Palesa di fupuhile hara mohlaba,

nako ya ho bina e se fihlile,

kunkuru ya maebana-kgorwana,

e utlwahala naheng ya heso.

13 Sefate sa feiye

se beha tholwana tsa sona,

morara o a thunya,

ho nkga hamonate.

Ema, wena moratuwa wa ka,

wena botlenyana wa ka,

itlele re tsamaye.”

14 Wena leebana la ka

le ipatileng mafarung,

le ipatileng methating,

tsullung tsa dithaba,

ako mpontshe fahleho sa hao,

ntswe la hao le lona ke le utlwe,

ntswe la hao ho nna le a hohela,

hoba fahleho sa hao

ho nna se a rateha.

15 Re tshwasetseng diphokojwe

le diphokojwana,

tsona tse senyang

masimo a rona a morara,

hoba jwale morara wa rona

o thuntse.

16 Moratuwa ke wa ka,

le nna ke wa hae,

o fudisa mohlape wa hae,

o o fudisa mehaladitweng.

17 Tsatsi le eso tjhabe,

meriti e eso honyele,

kgutla, wena moratuwa,

o tlole jwaloka tshepe,

kapa namane ya kgama

hara dithaba tse matsaranka.