Baahi ba Jerusalema ba tla hlwekiswa
1 “Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.
2 “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.
3 Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re:
4 “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse.
5 O tla re:
6 Haeba e mong a ka mmotsa, a re:
Taelo ya ho bolaya modisa wa Modimo
7 “Tsoha, wena sabole,
o lwantshe modisa wa ka,
o lwantshe yena ya haufi le nna!”
ho rialo Morena wa mabotho.
“Otla modisa,
dinku di tle di qhalane;
nna ke tla otla le dikonyana.
8 Hara naha yohle,”
ho rialo Morena,
“ke tla otla
karolo tse pedi tsa mohlape,
ke di otle, ke be ke di timetse,
ya boraro yona e sale e phela.
9 Ena ya boraro
e tla feta hara mollo,
ke e hlwekise
sa silefera ha e hlwekiswa,
ke e hlahlobe
sa kgauta ha e hlahlojwa.
Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna,
jwale nna ke tla se araba, ke re:
mme sona se tla bolela, se re: