Moshe o bitswa ke Modimo
1 Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.
2 Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.
3 Yaba Moshe o re: “Ke tla kgelohela ho sona, nke ke bone pono ena e kgolo, le hore na keng ha sehlahla sena sa monokotshwai se sa tjhe.”
4 Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!”
Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”
5 Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!”
6 A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.
7 Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.
8 Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.
9 Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.
10 Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”
11 Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”
12 Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
Modimo o senola lebitso la hae ho Moshe
13 Jwale Moshe a re ho Modimo: “Bona, etlare ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ke re ho bona:
14 Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena:
15 Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena:
16 “Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: 17 Ke re ke tla le ntsha matshwenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi.> 18 “Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: 19 Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo. 20 Kahoo ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle naha ya Egepeta ka mehlolo yohle, eo ke tla e etsa teng. Kamorao ho moo kgosi e tla le lokolla le tsamaye. 21 “Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere. 22 Mosadi e mong le e mong wa Moheberu a kope dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo, ho mosadi wa Moegepeta eo ba ahelaneng le yena, le eo e ka bang moeti lapeng la hae. Le kgabise bara ba lona le baradi ba lona ka tsona, mme ebe le hapa leruo la Baegepeta.”