MORUTI 5

Se potlakele ho etsa ditshepiso

1 Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.

2 Se potlakele ho ahlamisa molomo,

pelo ya hao e se ke ya ba lehala

ho bua ho hong kapela Modimo.

Modimo o lehodimong,

wena o lefatsheng,

kahoo polelo tsa hao di se be kae.

3 Jwalokaha toro

e tswalwa ke metouto,

polelo tsa sethoto

di tswalwa ke ho bua haholo.

4 Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.

5 Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.

6 Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?

7 Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.

Maruo ha a na thuso

8 Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.

9 Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.

10 Ya ratang tjhelete

ha e ke be e mo lekane,

ya ratang leruo

kamehla o a le halala;

hona le hona e sa le lefeela.

11 Ha leruo le ata,

bafepuwa ba a ata;

ebe le thusa monga lona ka eng,

haese ho nna a le boha kamehla?

12 Mosebeletsi o robala boroko,

ebang o a lapa kapa o a kgora,

empa morui ya hafang ka nkatana

ha a bo hlothe ke maruo a hae!

13 Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:

Motho o bokella leruo

le tlise bosoto,

14 kapa ka bomadimabe

ebe le a senyeha,

mora hae

a qetelle a sa fumana lefa.

15 Jwalokaha motho eo

a tswetswe a le feela,

o tla ya lebitleng

a ntsa le feela.

Hara tsohle

tseo a di sebeditseng,

a ke ke a nka le e nngwe

ka letsoho la hae.

16 Hona le hona

ke bobe bo otlang pelo:

Motho o ikela a le feela

sa ha a tswalwa;

ebe o fumaneng

ka ho sebeletsa lelea?

17 Tshiu tsa hae tsohle

o di qeta hara lefifi,

a swabile haholo,

a kula, a halefile!

18 Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.

19 Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.

20 Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo.