Ho sebeletsa lelea
1 Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng:
Ka bona meokgo ya ba hatellwang,
feela bona ba se na motshedisi;
bahatelli ba bona
ba ena le matla,
feela ba hatellwang
ba se na motshedisi.
2 Kahoo ka lebohela
ba seng ba shwele,
ho ena le bana
ba ntseng ba phela.
3 Bobedi ba fetwa
ke ya eso tswalwe,
ya eso ka ba a bona bokgopo,
bokgopo bo etswang mona lefatsheng!
4 Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
5 Sethoto se phutha matsoho a sona,
mme se ipolaye ka bosona.
6 Seatla se le seng
se fupereng kgotso
se feta tse pedi
tse tshwereng ka thata,
tse lelekisang moya feela.
Ba babedi ba feta ya mong
7 Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng:
8 Motho ya mong to! ka monwana,
ke eo,
ha a na mora, ha a na ngwanabo,
o sebetsa ka thata a sa kgaotse,
le yena ka boyena
ha a kgotsofalle leruo la hae.
Jwale o a ipotsa:
“Ke sebeletsa mang,
ha ke itima tsa boithabiso?”
Le hona ke lefeela,
ke ho sebeletsa lelea!
9 Ba babedi ba feta ya mong,
moputso wa bona o a hlamatseha.
10 Ha e mong a ewa,
e mong o a mo tsosa;
ho madimabe ya wang
ho se na mothusi!
11 Ba babedi ba a futhumatsana
ha ba kopanetse dikobo;
ya robetseng a le mong
a ka futhumala jwang?
12 Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.
13 Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.
14 Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.
15 Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi.
16 Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.