MORUTI 12

1 Hopola Mmopi wa hao

o sa le motjha,

matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,

ho eso tle dilemo

tseo ka tsona o tla re:

“Ha ke sa thabiswa

ke letho ho tsona!”

2 Mo hopole tsatsi le eso fifale,

le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi,

maru a pula a eso aparele hape;

3 matsoho a hao a eso rerekele,

meno a hao a eso ka a kgenoha,

mahlo a hao a eso ho fifale,

4 tsebe di sa utlwa marata diterateng,

lerata la ho sila le sa utlwahala;

melodi ya dinonyana

e eso be mowewetso,

dipina tsohle di sa utlwahala;

5 batho ba eso tshabe

ho hlwa mekwalaba,

ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi;

moriri wa hlooho o eso pudufale,

o eso tsamaye o kokoroha,

o kokoroha sa tsienyane,

takatso tsa hao tsohle di eso fele;

hobane motho o ya boyabatho,

mahahabo a mo hlabele

sa mmokotsane.

6 Mo hopole

kgwele ya silefera e eso kgaohe,

jana sa kgauta se eso pshatlehe,

nkgo e eso bjaratsehe sedibeng,

kgwele ya sekgello

e eso kgaohele ka sedibeng;

7 lerole le eso busetswe leroleng,

moya o kgutlela ho Modimo,

Mofani wa wona.

8 “Lefeela la mafeela,”

ho rialo Moruti,

“tsohle ke lefeela!”

Qetello ya ditaba

9 Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.

10 A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.

11 Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.

12 Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.

13 Tsohle jwale di utlwahetse,

mme qetello ya taba ke ena:

Tshaba Modimo,

o boloke melao ya hae,

hoba hona

ke tshwanelo yohle ya motho.

14 Diketso tsohle

Modimo o tla di ahlola,

esita le tsona tsohle

tse entsweng bofihla,

ebang di ntle kapa di mpe.