MORUTI 10

1 Jwalokaha ntsintsi tse shweleng

di nkgisa menkwane,

bothotwana le bona

bo senya bohlale le botumo.

2 Pelo ya ya bohlale

e sekamela ho lokeng,

pelo ya ya sethoto

e sekamela bokgopong.

3 Sethoto se tsamaya tseleng

se se na kelello,

bohle se ba bolella

hore dithoto ke bona.

4 Haeba kgalefo ya mmusi e o tlokela,

tulo tsa hao o se ka sutha ho tsona,

hoba boikokobetso

bo fedisa diphoso tse kgolo.

5 Ho na le bokgopo

boo ke bo boneng mona lefatsheng,

phoso eo sesosa sa yona

e leng mmusi:

6 Thoto di bewa ditulong

tse phahameng haholo,

barui bona

ba bewe ho tse tlasetlase.

7 Ke bone makgoba a kaletse dipere,

mahosana wona

a tasola seka makgoba.

8 Ya tjhekang lemena

a ka nna wela ho lona,

ya heletsang lerako

a ka nna longwa ke noha.

9 Ya thuang majwe

a ka nna pitlwa ke wona,

ya rathang patsi

a ka nna hlajwa ke phatsa.

10 Ha selepe se le nthithi,

se sa leotswe,

eka kgona moratha-patsi a be sefea;

athe setsebi

se thuswa ke bohlale ba sona.

11 Ha noha e ka loma

pele e khwefuwa,

mokhwefi wa dinoha

a ke ke a putswa.

12 Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha,

athe tsa sethoto tsona

di a se timetsa;

13 ha se bua se ye se qale

ka ho phorohla,

se qetelle ka ho pota

sa motho wa mapokaetsi.

14 Sethoto ha se hehla ha se kgaotse!

Motho a ke ke a tseba

tse tla etsahala;

tse tla hlaha hoba a fete

di ka senolwa ke mang?

15 Thoto se tepeletswa

ke mosebetsi wa sona,

le tsela e yang motseng

ha se e tsebe.

16 Ho madimabe naha

e buswang ke kgosi ya moshanyana,

eo mahosana a vona

a ketekang e sa le hoseng!

17 Ho lehlohonolo naha

e buswang ke kgosi e tswalehileng,

eo mahosana a yona

a ketekang ka nako ya teng,

a jelang ho matlafala,

e seng hore a tahwe.

18 Bokgoba bo etsa

hore maballo a ntlo a kobehe,

ha matsoho a sa tshware,

ntlo eo e ye e nele.

19 Mokete o etsetswa boithabiso,

veine yona e natefisa bophelo,

empa ka tjhelete

o ka fumana tsohle.

20 Se rohake kgosi,

leha e le ka mehopolong ya hao,

kapa morui ha o le ka kamoreng

ya ho robala,

hoba nonyana e fofang

e ka utlwa polelo tsa hao,

tlhatsinyane ha e rura

ya tsamaya e di bolela.