MMIKIYA 5

1 Wena Jerusalema,

kgobokanya bahlabani ba hao,

hobane re etseditswe thibella;

mmusi wa Iseraele ba tla mo otla,

ba mo otle ka thupa lerameng.

Mmusi ya tswang Betlelehema

2 “Ha e le wena

Betlelehema Eferata,

leha o le monyenyane

hara meloko ya Juda,

ho wena

ho tla tswa mmusi wa Iseraele,

eo leloko la hae

le qalehileng kgale,

la qaleha mehleng ya baholoholo.”

3 Kahoo Morena

o tla furalla Baiseraele,

a ba furalle

ho fihlela mosadi a beleha;

ke moo Baiseraele ba tla kgutla,

ho kgutle

Baiseraele ba phonyohileng,

ba kgutle,

ba ikopanye le bana babo bona.

4 O tla ema,

a alose mohlape wa hae,

a o alose

ka matla a tswang ho Morena,

ka bitso le tlotlehang

la Morena Modimo wa hae.

Ba tla phela ba sireletsehile,

hobane boholo ba hae bo tla nama,

bo namele pheletsong tsa lefatshe.

5 Yena e tla ba kgotso ya bona.

Asiria e a otlwa

Ha Asiria e futuha,

e futuhela naha ya rona,

qhobosheane tsa rona e di ripitla,

re tla e neella ka balaodi ba supile,

le ka mahosana a robedi a setjhaba.

6 Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole,

le naha ya Nimerode

ka sabole e motsutswe;

mmusi ya tswang Betlelehema

o tla re namolela,

a re namolele matleng a Asiria

ha e futuhela naha ya rona,

e hwanka kahara meedi ya rona.

Masalla a Jakobo hara ditjhaba

7 Masalla a Jakobo a tla ba teng,

a be teng hara ditjhaba tse ngata,

a be jwaloka phoka

e tswang ho Morena,

a be jwaloka medupe

e kolobisang jwang,

medupe e sa ke be

e laelwe ke motho,

kapa e emele

ho phetha thato ya motho.

8 Masalla a Jakobo a tla ba teng,

a be teng hara ditjhaba,

a be teng hara merabe e mengata,

a be jwaloka tau

hara dibatana tsa meru,

a be jwaloka tawana

hara mehlape ya dinku,

tawana e fetang e harola, e tsekolla,

empa ho se ya ka pholoswang,

ya ka pholoswang tleneng tsa yona.

9 Tsoho la hao

le tla phahamela hodimo,

le phahamele

hodima ba o lwantshang,

dira tsa hao tsohle di tla timetswa.

Medingwana e a fediswa

10 “Mohla tsatsi leo,”

ho rialo Morena,

“ke tla bolaya dipere tsa lona,

ke robe dikariki tsa lona tsa ntwa.

11 Ke tla heletsa

metse ya naha ya lona,

ke qhaqhe

qhobosheane tsohle tsa lona.

12 Boloi ba lona ke tla bo fedisa,

le ho laola ha le sa tla laola.

13 Medingwana ya lona

ke tla e pshatlaka,

le ditshiya tsa lona tse halalelang;

ha le sa tla hlola

le obamela mesebetsi ya lona,

e leng mesebetsi ya matsoho a lona.

14 Tshiya tsa lona tsa Ashera

ke tla di koqola,

le metse ya lona ke e heletse.

15 Ka bohale le ka kgalefo

ke tla iphetetsa,

ditjhaba tse sa mmameleng ke di otle.”