MMIKIYA 2

Pheletso ya ba hatellang mafutsana

1 Ho madimabe ba rerang bolotsana,

ba nahanang bokgopo

ba le diphateng tsa bona!

Ha bosiu bo esa

ba a bo phethathatsa,

hobane ba na le matla

a ho etsa jwalo.

2 Ba tswela masimo a batho pelo,

ba a hape,

ba honohele matlo a batho,

ba inkele wona;

ba hatella motho

le ba lelapa la hae,

ba mo hatelle, ba je lefa la hae.

3 Ka baka leo, Morena o bua tjena:

“Ke ntse ke rera koduwa,

ke e rerela tjhaba sena,

koduwa eo se ke keng

sa ba sa e phema.

Ha se ka ke sa tsamaya,

sa tsamaya ka boikakaso,

hobane e tla be e le nako,

nako ya tlokotsi.

4 Mohla tsatsi leo ba tla le soma,

ba le binele kodi-ya-malla

ba re:

Morena o re amohile naha ya rona,

a e abela bathopi ba rona.> ”

5 Kahoo kahara phutheho,

phutheho ya Morena,

ha ho na ho ba le motho le ya mong

ya tla le arolela naha ka lotho.

Baporofeta ba bohata

6 Baporofeta ba bohata

ba re ho nna:

“Se ke wa re porofetela,

se ke wa porofeta dintho tsena;

Modimo ha a ka ke

a re hlabisa dihlong.”

7 Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo

ha thwe: “Ebe Morena

o feletswe ke mamello?

Na tse tjee di etswa ke yena?”

“Na polelo tsa ka

ha di tlise molemo,

di o tlisetsa ba etsang ho loka?

8 Empa lona tjhaba sa ka

le iphetotse sera!

Motho wa kgotso

ha a feta ka tsela,

a iphetela, a sa nahane tsa ntwa,

le mo amoha kobo a e apere.

9 Basadi ba tjhaba sa ka

le a ba leleka,

le ba leleka malapeng,

malapeng a bona a matle;

le amoha bana ba bona tlotla ya ka,

le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.

10 Emang, le tsamaye, le tlohe mona!

Baka sena hase sa lona

sa ho phomola,

ka baka la hobane se silafetse,

se senyehile,

se ke ke sa hlola se loka.

11 Haeba ya leshano,

ya thetsang, a ka re:

e tla kopotsa,

jwala ba lona

e be bo bongata haholo,>

eo e ka ba yena

moporofeta wa tjhaba sena!”

Baiseraele ba tshepiswa topollo

12 “Ruri ke tla le phutha kaofela,

ke phuthe lona bohle

ba ntlo ya Jakobo;

ruri masalla a Baiseraele

ke tla a phutha,

ke a kgobokanye

sa nku di kena sakeng,

ke a phuthe

sa mohlape o le makgulong,

e be boiyane

bo phetheselang ba batho.

13 Pulamadiboho e tla ba etella pele;

ba tla roba mekwallo ya kgoro,

ba itsamaele.

Kgosi ya bona

e tla tswa pele ho bohle,

ka sehloohong sa bona

Morena a itlhomme.”