MEETLO 5

Dintho tse hlokang mahlabelo a sebe

1 “

2 “

3 “

4 “

5 “

6 O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.

7 “

8 O tla a tlisa ho moprista ya tla nyehela pele ka leebanakgorwana leo e leng la nyehelo ya sebe. O tla le sotha molala, empa ha a na ho le kgaola hlooho.

9 O tla foka lebota la aletare ka madi a mang a nyehelo e tlosang sebe. Madi a setseng a tla dutlisetswa maotong a aletare. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.

10 Leebanakgorwana la bobedi o tla nyehela ka lona, ho ya ka molao wa setjheso. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe seo a se entseng, mme motho eo o tla tshwarelwa.

11 “

12 O tla e tlisa ho moprista, mme yena o tla e ngwatha ka seatla e le kgopotso, a e tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe.

13 Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.> ”

Dinyehelo tse tlosang molato

14 Morena a bua ho Moshe, a re:

15 “Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.

16 Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.

17 “Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.

18 A tlisetse moprista pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae, e le nyehelo e tlosang sebe. Theko ya yona e be e lekanngwang ke wena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe seo a se entseng e se ka morero, mme motho eo o tla tshwarelwa.

19 Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”