MEETLO 27

Melao ya dimpho tsa Morena

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona:

3 monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.

4 Haeba e le mosadi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo.

5 Haeba e le moshanyana ya dilemo di hlano ho isa ho tse mashome a mabedi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, mme ha e le ngwanana e be silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.

6 Haeba e le ngwana wa moshanyana ya kgwedi ho isa dilemong tse hlano, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, mme ha e le ngwana wa ngwanana yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mararo a metso e mehlano.

7 Haeba dilemo tsa motho di tloha ho tse mashome a tsheletseng ho ya hodimo, mme e le monna, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le mashome a supileng; athe ha e le mosadi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.

8 Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.

9 “

10 Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela.

11 Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, e ke keng ya nyehellwa Morena e le sehlabelo, o tla tlisa phoofolo eo kapele ho moprista.

12 Moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme ho tla uwa kamoo moprista a hakanyang kateng.

13 Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.

14 “

15 Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae.

16 “

17 Haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae ka selemo sa mokete wa tokoloho, theko ya yona e tla ba kamoo e hakantsweng kateng.

18 Empa haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae kamora selemo sa mokete wa tokoloho, moprista o tla mo hakanyetsa theko ya yona ho ya ka dilemo tse sa setseng ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho o tlang, ebe e tloswa tjheleteng ya tshimo, e hakantsweng.

19 Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae.

20 Empa haeba a sa lopolle tshimo eo, eba o e rekiseditse motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa.

21 Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.

22 “

23 moprista o tla mo hakanyetsa tjhelete e lekaneng dilemo tse sa setseng ho ya fihla moketeng wa tokoloho o tlang, mme motho eo o tla ntsha tjhelete e hakantsweng ka lona letsatsi leo, e abelwe Morena e le ntho e halalang.

24 Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae.

25 Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.

26 “

27 Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng.

28 “

29 “

30 “

31 Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano.

32 Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.

33 Motho a se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe; le hona a se ke a e ananya ka e nngwe. Haeba a ka e ananya, yona le eo e anantsweng, bobedi di a halalela, mme di ke ke tsa lopollwa.> ”

34 Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.