MEETLO 23

Mekete ya borapedi

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona:

Sabatha

3 “

Paseka le bohobe bo sa lomoswang

4 “

5 “

6 Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.

7 Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.

8 Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.> ”

Dilopotsiya

9 Morena a bua ho Moshe, a re:

10 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona:

11 Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo.

12 Ka letsatsi leo le akgotsang ngata ka lona, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso ka konyana e tona, e nang le selemo, e se nang sepha.

13 Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.

14 Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.

Mokete wa kotulo

15 “

16 Ka letsatsi le hlahlamang beke ya bosupa, e leng letsatsi la mashome a mahlano, le tla etsetsa Morena nyehelo e ntjha ya dijo.

17 Le tlise dinkgwa tse pedi, tse akgotswang, tse tswang malapeng a lona, tse entsweng ka phofo e thumisehileng e boima ba dikilo tse pedi, mme di phehwe di sa lomoswa, e be dilopotsiya tsa Morena.

18 O tla nyehela ka bohobe boo, le ka dikonyana tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha; le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi. Tsena e tla ba nyehelo ya setjheso ya Morena, hammoho le nyehelo ya bona ya dijo le nyehelo ya bona ya seno. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate ho Morena.

19 Hape o tla nyehela ka phooko e le nyehelo e tlosang sebe, le ka dikonyana tse pedi tse tona, tse nang le selemo, e le sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

20 Moprista o tla di akgotsa hammoho le bohobe bo entsweng ka dilopotsiya, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena, mmoho le dikonyana tse pedi, di tla halalela ho Morena, mme e be tsa moprista.

21 Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.

22 “

Selemo se setjha

23 Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

24 “Bua le bana ba Iseraele, o re:

25 Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.> ”

Letsatsi la tefelo ya sebe

26 Morena a bua ho Moshe, a re:

27 “Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.

28 Ka lona letsatsi lena le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, hobane ke letsatsi la tefelo ya sebe sa lona ho Morena Modimo wa lona.

29 Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

30 Motho ofe kapa ofe ya etsang mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi lena, ke tla mo timetsa setjhabeng sa habo.

31 Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsohle tsa lona.

32 E tla ba letsatsi le leholo la phomolo ya lona, mme le tla itima dijo. Ka phirimana ya letsatsi la borobong la kgwedi eo, le tla boloka Sabatha seo sa lona, ho fihlela ka phirimana e hlahlamang.”

Mokete wa maphephe

33 Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

34 “Bua le bana ba Iseraele, o re:

35 Letsatsi la pele ke la phutheho e halalelang; le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

36 Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Ka letsatsi la borobedi le tla ba le phutheho e halalelang, mme le etsetse Morena nyehelo ya setjheso. Phutheho ena ke ya ho phomola, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe.

37 “

38 Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.

39 “

40 Ka letsatsi la pele le tla kga ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le maswai a difate, le a moduwane wa noka, mme ka matsatsi a supileng le thabe kapele ho Morena.

41 Le tla keteka mokete ona ka matsatsi a supileng, ka selemo se seng le se seng, e le wa Morena. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona, mme le tla etsa mokete ona ka kgwedi ya bosupa.

42 “

43 hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

44 Ka mokgwa ona Moshe a tsebisa bana ba Iseraele mekete e beilweng ya Morena.