Ho halalela ha dinyehelo
1 Morena a bua ho Moshe, a re:
2 “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlomphe dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nkgethelang tsona, esere ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, Ke nna Morena.
3 “Ere ho bona: 4 “ 5 kapa monna ya amang sehahabi se ka mo silafatsang, kapa ya amang monna e mong ya ka mo silafatsang ka baka la sesila sa hae; 6 motho ya amang ya jwalo o tla ba le sesila ho fihlela ka phirimana. Motho eo a ke ke a ja dintho tse halalelang, haese ha a se a totse ka metsi. 7 Ha letsatsi le se le diketse e tla ba o hlwekile, mme kamorao ho moo a ka ja dintho tse halalelang, hobane ke dijo tsa hae. 8 A se ke a ja nama ya phoofolo e itjhweletseng feela, kapa e harotsweng ke dibatana, hobane e tla mo silafatsa. Ke nna Morena. 9 “ 10 “ 11 Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae. 12 “ 13 Empa haeba moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa a hlalane le monna, a se na bana, mme a kgutletse tlung ya ntatae jwalokaha e sa le ngwana, yena a ka ja dijo tseo tsa ntatae. Empa moditjhaba yena a ke ke a di ja. 14 “ 15 “ 16 ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.> ” 17 Morena a bua ho Moshe, a re: 18 “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: 19 hore a tle a amohelehe, eka kgona e be phoofolo e tona, e se nang sepha; e ka ba kgomo, kapa nku, kapa podi. 20 Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha. 21 Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe. 22 Tse foufetseng, kapa tse robehileng, kapa tse holofetseng, kapa tse nang le dibebe, kapa dihlahala, kapa lekgwekgwe, tsena le se ke la nyehella Morena ka tsona; le se ke la etsa nyehelo ya setjheso ka tsona hodima aletare ya Morena. 23 Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha. 24 Le se ke la nyehella Morena ka phoofolo eo makwalata a yona a tetetsehileng, kapa a pshatlehileng, kapa a thuehileng, kapa a sehilweng. Le se ke la etsa jwalo naheng ya lona. 25 “ 26 Morena a bua ho Moshe, a re: 27 “Ha namane, kapa konyana, kapa potsanyane e tswalwa, e lokela ho nyanya mma yona ka matsatsi a supileng. Ho tloha ka letsatsi la borobedi le a hlahlamang, e ka amoheleha ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. 28 Kgomo le namane ya yona, kapa nku le konyana ya yona, di se ke tsa hlajwa ka tsatsi le le leng. 29 “Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe. 30 Se jewe ka lona letsatsi leo, o se ke wa siya letho le ka fihlelwang ke letsatsi la hosasane. Ke nna Morena. 31 “Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena. 32 Le se ke la silafatsa lebitso la ka le halalelang; ke halaletswe hara bana ba Iseraele. Ke nna Morena ya le halaletsang, 33 ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Ke nna Morena.”Diphoofolo tse sa nyehellweng Morena