MEETLO 21

Ho halalela ha baprista

1 Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona:

2 haese feela ka mofu eo a tswalanang le yena, e leng mmae, le ntatae, le mora wa hae, le moradi wa hae, le ngwanabo;

3 le kgaitsedi ya hae e tswalwang le yena, eo e sa leng morwetsana, e esong ho nyalwe. Bana a ka itshilafatsa ka bona.

4 Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa.

5 “

6 Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.

7 “

8 O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.

9 “

10 “

11 A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona.

12 A se ke a tswa ka Sehalalelong, esere a silafatsa Sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane o halaleditswe ke Modimo ka ho tshelwa ka ole e tlotsang. Ke nna Morena.

13 “

14 A se ke a nyala mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng, kapa seraburabu, kapa seotswa, empa a nyale morwetsana wa setjhaba sa habo.

15 A se ke a silafatsa bana ba hae setjhabeng sa habo, hobane ke nna Morena ya mo halaletsang.> ”

16 Morena a bua ho Moshe, a re:

17 “Bua ho Arone, o re:

18 Monna ofe kapa ofe ya nang le sepha, e ka ba monna wa sefofu, kapa wa sehlotsa, kapa ya holofetseng nko, kapa ya ditho di fetanang;

19 kapa monna ya robehileng leoto kapa letsoho;

20 kapa monna ya lekgutla, kapa wa kakatjhelana, kapa ya qhommeng leihlo, kapa ya nang le setlapedi, kapa ya lekgwekgwe, kapa ya pshatlehileng makwalata; bana bohle ba se ke ba atamela.

21 Monna e mong le e mong wa leloko la moprista Arone, ya nang le sepha, a se ke a atamela ho etsa nyehelo ya setjheso ya Morena. O na le sepha, mme a se ke atamela ho nyehela ka dijo tsa Modimo wa hae.

22 A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo halalelang ka ho fetisisa, le bo halalelang.

23 Empa a se ke a atamela lesira, leha e le ho atamela aletare, hobane o na le sepha, esere a silafatsa dintho tsa ka tse halalelang, hobane ke nna Morena ya di halaletsang.> ”

24 Moshe a bua jwalo ho Arona le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele.