Dinyehelo tsa koro
1 “ 2 ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena. 3 Phofo ya nyehelo e setseng ke ya Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, ya Morena. 4 “ 5 “ 6 O bo rathele, ebe o tshela ole hodima bona; ke nyehelo ya phofo. 7 “ 8 Jwale o tlisetse Morena nyehelo ya phofu ya koro, e entsweng ka dintho tsena. O di nee moprista, yena a di ise aletareng. 9 “ 10 Dijo tsa nyehelo tse setseng ke tsa Arone le bara ba hae; ke nyehelo ya setjheso, e halalelang ka ho fetisisa, e etsetswang Morena. 11 “ 12 O ka tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya tsa tse kotutsweng, empa o se ke wa e tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso se monko o monate. 13 Nyehelo e nngwe le e nngwe ya hao, ya dijo, o e noke ka letswai. Letswai, e leng selekane se pakeng tsa hao le Modimo wa hao, le se ke la eba siyo nyehelong ya hao ya dijo; dinyehelo tsohle tsa hao di nokwe. 14 “ 15 O di tlotse ka ole ya mohlwaare, mme o tshele mokubetso hodima nyehelo eo. 16 Bakeng sa kgopotso, moprista o tla tjhesa e nngwe ya dijo tseo, le ole, le mokubetso kaofela, e le nyehelo ya setjheso se etsetswang Morena.