MEETLO 12

Ho itlhwekisa ha batswetse

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

2 “Bolella bana ba Iseraele, o re:

3 Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko.

4 Jwale mosadi enwa o tla dula matsatsi a mashome a mararo a itlhwekisa lehatlelo la hae; a se ke a ama letho le halalelang, leha e le ho kena ka Sehalalelong, ho fihlela matsatsi a ho itlhwekisa ha hae a fela.

5 Empa ha a ka beleha ngwana wa ngwanana, o tla dula dibeke tse pedi a le sesila, jwalokaha a ile dinakong tsa hae, mme o tla dula matsatsi a mashome a tsheletseng a itlhwekisa lehatlelo la hae.

6 “

7 Moprista o tla nyehella Morena ka tsona, a mo etsetse tefelo ya sebe, mme jwale o tla hlweka lehatlelong la hae. Ona ke molao wa motswetse ya belehang ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana.

8 “