MEETLO 1

Dinyehelo tsa setjheso

1 Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:

2 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona:

3 “

4 A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.

5 Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao.

6 A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele;

7 baprista, e leng bara ba Arone, ba bee mashala a tukang hodima aletare, ba nto bea patsi hodima wona.

8 Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.

9 Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

10 “

11 A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.

12 Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.

13 Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

14 “

15 Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare.

16 A le hlothe masiba, a ntshe kila, tsena a di lahlele ka lehlakoreng la aletare le ka botjhabela, moo ho qhallwang molora teng.

17 A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.