Thuto ya thabeng
1 Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;
2 a qala ho ba ruta, a re:
Ba lehlohonolo
3 “Ho lehlohonolo
ba futsanehileng moyeng,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona.
4 Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,
hobane ba tla tshediswa.
5 Ho lehlohonolo ba mosa,
hobane lefatshe
e tla ba lefa la bona.
6 Ho lehlohonolo
ba lapetseng ho loka,
ba ho nyoretsweng,
hobane ba tla kgotsofatswa.
7 Ho lehlohonolo ba mohau,
hobane ba tla hauhelwa.
8 Ho lehlohonolo
ba pelo di hlwekileng,
hobane ba tla bona Modimo.
9 HO lehlohonolo ba bopang kgotso,
hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.
10 Ho lehlohonolo
ba hlorisetswang ho loka,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona.
11 “Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.
12 Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”
Letswai le lesedi la lefatshe
13 “Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.
14 “Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha;
15 lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.
16 Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”
Thuto ya Jesu ka tsa Molao
17 “Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.
18 Kannete ke a le bolella: ho fihlela lehodimo le lefatshe di fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le nngwe leha e le letshwaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle di etsahala.
19 Ha ho le jwalo, mang le mang ya tlolang leha e le nngwe ya ditaelo tsena tse nyenyane, mme a ruta batho ho etsa jwalo, o tla bitswa e monyenyane Mmusong wa mahodimo, empa mang le mang ya di phethang, mme a di ruta, yena o tla bitswa e moholo Mmusong wa mahodimo.
20 Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.
Thuto ya Jesu ka tsa kgalefo
21 “Le utlwile hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo:
22 Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo:
23 “Ha ho le jwalo, ha o nyehela ka mpho ya hao aletareng, mme teng o hopola hore ngwaneno o na le disuwa le wena,
24 siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.
25 “O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng;
26 kannete ke a o bolella, ha o ka ke wa tswa teng ho fihlela ha o lefile tjheletana ya ho qetela.
Thuto ya Jesu ka tsa bofebe
27 “Le utlwile hore ho ile ha thwe:
28 Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
29 Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng,
30 mme haeba letsoho la hao le letona le o dihela sebeng, le pome, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o ye diheleng.
Thuto ya Jesu ka tsa tlhalo
31 “Ho ile ha thwe:
32 Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya hlalang mosadi wa hae, haese ka taba ya bohlola, o a mo febisa, mme ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.
Thuto ya Jesu ka tsa tlhapanyo
33 “Le utlwile hape hore ho ile ha thwe ho ba boholoholo:
34 Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo;
35 leha e le ka lefatshe, kahobane ke bonamelo ba maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, kahobane ke motse wa Kgosi e kgolo;
36 leha e le ka hlooho ya hao, kahobane o sitwa ho sweufatsa kapa ho ntshofatsa qoba leha e le nngwe ya moriri.
37 Ha le re
Thuto ya Jesu ka tsa boiphetetso
38 “Le utlwile hore ho ile ha thwe:
39 Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;
40 ya ratang ho o qosa le ho nka seaparo sa hao, o mo tlohelle le yona kobo,
41 mme ya o qophellang ho tsamaya le yena mehato e sekete, o ye le yena mehato e kete di pedi.
42 Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.
Thuto ya Jesu ka tsa ho rata dira
43 “Le utlwile hore ho ile ha thwe:
44 Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,
45 hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.
46 Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?
47 Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?
48 Ha ho le jwalo, phethehang jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.