MATHEU 4

Jesu o a lekwa

1 Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho ya lekwa ke Diabolosi.

2 A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa.

3 Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!”

4 A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:

ka bohobe feela,

empa o tla phela le ka polelo

e nngwe le e nngwe

e tswang molomong wa Modimo.> ”

5 Yaba Diabolosi o mo nka a mo isa motseng a halalelang, mme a mmea tlhorong ya Tempele,

6 a re ho yena: “Haeba o Mora wa Modimo, itihele, hobane ho ngotswe, ho thwe:

mme a tla o kgakeletsa ka diatla,

esere leoto la hao

la kgoptjwa ke lejwe.> ”

7 Jesu a re ho yena: “Le teng ho ngotswe, ho thwe:

8 Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona,

9 a re ho yena: “Tsena tsohle ke tla o fa tsona ha o ka itihela fatshe, wa nkgumamela.”

10 Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe:

Modimo wa hao,

o sebeletse yena a nnotshi.> ”

11 Jwale Diabolosi a mo tlohela, mme bonang, mangeloi a atamela, a mo sebeletsa.

Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea

12 Yare ha Jesu a utlwa hore Johanne o tshwerwe, a ya Galelea.

13 A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali,

14 e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re:

15 “Lefatshe la Sebulone

le lefatshe la Nafthali,

nqa lewatle, mose ho Jorodane,

Galelea ya baditjhaba,

16 setjhaba se neng se dutse lefifing

se bone lesedi le leholo,

mme ba neng ba dutse lefatsheng

la lefu le lefifing

ba tjhabetswe ke lesedi.”

17 Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”

Jesu o bitsa batshwasi ba bane ba ditlhapi

18 Yare ha Jesu a sika le letsha la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho, Simone ya bitswang Petrose le Andrease ngwanabo, ba ntse ba akgela letlowa letsheng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.

19 A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”

20 Hanghang ba tlohela matlowa a bona, ba mo latela.

21 Hoba a fetele pele, a bona bara ba bang ba babedi ba motho, Jakobo mora wa Sebedea le Johanne ngwanabo, ba ena le ntata bona Sebedea ka sekepeng, ba ntse ba lokisa matlowa a bona, mme a ba bitsa.

22 Hanghang ba tlohela sekepe le ntata bona, ba latela Jesu.

Jesu o a ruta, o fodisa ba bangata

23 Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.

24 Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.

25 A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane.