Setshwantsho sa barwetsana ba leshome
1 “Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
2 Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.
3 Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole;
4 athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.
5 Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.
6 “Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng:
7 “Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona.
8 Dithoto tsa re ho ba bohlale:
9 “Ba bohlale ba araba, ba re:
10 “Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.
11 “Kamorao ha fihla barwetsana ba neng ba setse, ba re:
12 “A ba araba, a re:
13 “Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”
Setshwantsho sa ditalenta
14 “Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.
15 A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang
16 ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.
17 Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.
18 Empa ya amohetseng e le nngwe a ya tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae.
19 “Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona.
20 Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re:
21 “Monga hae a re ho yena:
22 “Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re:
23 “Monga hae a re ho yena:
24 “Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: 25 ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!> 26 “Monga hae a mo araba, a re: 27 O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello. 28 “ 29 hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona. 30 Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!> ” 31 “Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi. 32 Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi; 33 o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi. 34 “Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: 35 hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela; 36 ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.> 37 “Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: 38 Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa? 39 Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?> 40 “Kgosi e tla ba araba, e re: 41 “Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: 42 hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa; 43 ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.> 44 “Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: 45 “O tla ba araba, a re: 46 “Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”Kahlolo ya ditjhaba