MATHEU 22

Setshwantsho sa mokete wa lenyalo

1 Jesu a boela a bua le bona ka ditshwantsho, a re:

2 “Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo.

3 Ya roma bahlanka ba yona ho ya bitsa ba memetsweng moketeng, empa ba hana ho tla.

4 “Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re:

5 “Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.

6 Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.

7 Kgosi ya halefa, ya romela dimphi tsa yona, tsa ripitla babolai bao, tsa tjhesa motse wa bona.

8 “Yaba e re ho bahlanka ba yona:

9 Eyang ke hona mateanong a ditsela, mme bohle bao le ba fumanang le ba memele moketeng.>

10 Yaba bahlanka ba ya ditseleng, ba phutha bohle bao ba ba fumanang, ba lokileng le ba kgopo, mme ntlo ya mokete ya tlala tswete!

11 “Kgosi ya kena ho tla bona bamemuwa, mme ya bona motho ya sa aparang seaparo sa mokete.

12 Ya re ho yena: Empa eo a kgutsa.

13 “Yaba kgosi e re ho basebeletsi:

14 “Ba mengwang ba bangata, empa ba kgethwang ha ba bakae.”

Taba ya ho lefa lekgetho

15 Yaba Bafarisi ba a tsamaya, ba ilo buisana ka hore na ba ka mo tshwasa jwang ka dipuo tsa hae.

16 Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.

17 Re bolelle he: O reng? Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe?”

18 Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, mme a re: “Baikaketsi ting! Le ntekelang?

19 Mpontsheng tjhelete ya lekgetho!” Ba mo tlisetsa denare.

20 A re ho bona: “Setshwantsho see, le mongolo oo, ke tsa mang?”

21 Ba re: “Ke tsa Sesare.” Yaba o re ho bona: “Ka baka leo, neang Sesare seng sa Sesare, le Modimo seng sa Modimo.”

22 Ha ba utlwa hona ba hlollwa, ba tloha ho yena, ba ikela.

Taba ya tsoho ya bafu

23 Ka lona tsatsi leo Basaduke, ba neng ba re ha ho tsoho ya bafu, ba tla ho yena ba mmotsa,

24 ba re: “Moruti, Moshe o itse:

25 Jwale hara rona ho ne ho ena le bara ba motho ba supileng. Wa pele a nyala, a shwa, mme kaha a ila shwa a se na bana a siela ngwanabo mosadi wa hae.

26 Ha eba jwalo le ho wa bobedi le ho wa boraro, ho fihlela le ho wa bosupa.

27 Qetellong le yena mosadi a shwa.

28 Jwale, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa mang ho bao ba supileng, hobane e bile wa bona kaofela?”

29 Jesu a ba araba, a re: “Le lahleha ke ho se tsebe Mangolo a halalelang, leha e le matla a Modimo,

30 hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong.

31 Tabeng ya tsoho ya bafu, na ha le eso bale seo Modimo a neng a le bolelle sona, a re:

32 Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”

33 Matshwele ha a utlwa taba ena a hlollwa ke thuto ya hae.

Taelo e kgolo

34 Hoba Bafarisi ba utlwe hore Jesu o kwetse Basaduke melomo, ba phutheha.

35 E mong wa bona, eo e leng Setsebi sa Molao, a leka Jesu ka potsa ena:

36 “Moruti, taelo e kgolo Molaong ke efe?”

37 A re ho yena: “

38 Ena ke yona taelo e kgolo, ya pele.

39 Ya bobedi e tshwanang le yona e re:

40 Molao wohle le Baporofeta ba itshetlehile ka ditaelo tse pedi tsena.”

Kreste, mora le Morena wa Davida

41 Yare ha Bafarisi ba phuthehile, Jesu a ba botsa, a re:

42 “Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?”

Ba re ho yena: “Wa Davida.”

43 A re ho bona: “Ke ka baka lang ha Davida, ka tataiso ya Moya, a mmitsa Morena, a re:

44 “

Dula ka letsohong la ka le letona,

ho fihlela ke bea dira tsa hao

katlasa maoto a hao?>

45 “Haeba he Davida a mmitsa Morena, ke mora wa hae jwang?”

46 Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.