Bohlale bo a roriswa
1 Na ebe bohlale ha bo howe?
Kutlwisiso yona
ha e phahamise ntswe la yona?
2 Bo eme tseleng tse phahameng,
bo eme mateanong a ditsela.
3 Bo howeletsa
bo le kgorong tsa motse,
bo howeletsa
bo le monyako wa motse:
4 “Banna, mamelang, ke bitsa lona,
ke ipiletsa ho batho bohle.
5 Lona ba se nang tsebo
ithuteng bohlale!
Lona dithoto batlang kutlwisiso!
6 Theang tsebe
ke le bolelle tsa bohlokwa,
ke le phatlalletse tse lokileng.
7 Ke tla bua nnete feela,
hobane bokgopo ke bo hloile.
8 Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete,
thetso le bomenemene
ha di yo ho tsona,
9 di utlwahala tsohle
ho ya nang le kelello,
di nepahetse tsohle
ho ba nang le tsebo.
10 Inkeleng thuto ya ka
ho ena le silefera,
ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.
11 “Bohlale bo molemo
ho feta mabenyane a bohlokwa,
ha ho letho le ka bapiswang le bona.
12 Nna, Bohlale, ke fana le ka masene,
tsebo le tlhalohanyo
le tsona ke di ruile.
13 Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.
14 Boeletsi le ho ba sedi
le tsona ke tsa ka,
kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.
15 Ke ka nna
kgosi di tsebang ho rena,
le babusi
ba etsang melao e lokileng.
16 Ke ka nna mahosi le mahosana
a tsebang ho busa,
le baahlodi bohle
ba tsebang ho ahlola.
17 Ba nthatang le nna ke a ba rata,
ba mpatlang
bona ba tla mphumana.
18 Ho nna maruo le tlotla di teng,
maruo a sa feleng le hona ho loka.
19 Tholwana ya ka
e kgahleha ho feta kgauta,
e feta kgauta e hlwekisitsweng,
tse fumanwang ho nna
di feta silefera e hlwekisitsweng.
20 Ke tsamaya tseleng ya toka,
tsela ya ka ke tsela ya molao.
21 Ba nthatang ke ba abela lefa,
matlole a bona ke a tlatse,
a be mohlohlo.
22 “Morena o mpopile
qalehong ya mesebetsi ya hae,
pele ho mesebetsi ya hae,
mesebetsi ya kgalekgale;
23 ke hlodilwe kgale,
pele ho mehla yohle,
ke hlodilwe tshimolohong,
fatshe le eso be teng.
24 Ka tswalwa
pele mawatle a eba teng,
didiba tse kollang di eso ka di runya;
25 ka tswalwa thaba di eso ka di thewa,
ka tswalwa le maralla a eso be teng,
26 pele fatshe le eba teng
le masimo a lona,
pele role la lefatshe
le lona le eba teng.
27 Ke ne ke le teng
ha a bea mahodimo bakeng sa wona,
a seha moedi wa loapi,
a o seha hodima mawatle;
28 ha a etsa lenamola la maru,
a le etsa sepakapakeng,
a phunya mehlodi ya madiba
a e tsitsisa;
29 ha a sehela lewatle moedi wa lona,
metsi a se ke a tlola taelo ya hae;
le ha a rala metheo ya lefatshe.
30 Ke ne ke le tsoho la hae le letona,
ka matsatsi wohle ke mo thabisa,
ke nyakaletse ke le kapele ho yena;
31 ke thabetse lefatshe e le la hae,
ke thabetse le batho a ba bopile.
32 “Jwale, bana ba ka, mmameleng!
Ho lehlohonolo
ba tsamayang tseleng tsa ka.
33 Mamelang thuto ya ka
le tle le hlalefe,
le se ke la hana ho e mamela.
34 Ho lehlohonolo
motho ya mmamelang.
ya lebelang kamehla
menyakong ya ka,
ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.
35 Ya mphumanang o fumana bophelo,
Morena o tla mo rekolohela.
36 Ya sa mphumaneng o ipea kotsing,
bohle ba ntlhoileng
bona ba rata lefu.”