Dipolelo tsa Akure
1 Tsena ke dipolelo tsa Akure, mora wa Jake, wa Masa.
Monna eo a bua, a re:
“Oho, Modimo ke kgathetse!
Oho, Modimo ke kgathetse!
Ke feletswe ke matla!
2 Nna ke sethoto
ho feta mang kapa mang;
ha ke na le kutlwisiso ya botho.
3 Ha ke a ka ka ithuta bohlale,
ebile ha ke tsebe Ya Halalelang.
4 Ya nyolohetseng lehodimong
a ba a theoha ke mang?
Ya fupereng moya
ka diatla tsa hae ke mang?
Ya bokeletseng metsi
ka aparong sa hae ke mang?
Ya sehileng meedi
ya dipheletso tsa lefatse ke mang?
Lebitso la hae ke mang?
La mora wa hae lona ke mang?
Haeba o a tseba, bolela!
5 “Polelo tsohle tsa Modimo
ke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
6 Se eketse letho polelong tsa hae,
esere a o kgalema,
wa fumanwa o le leshano.”
Maele a mang a Akure
7 “Ke kopile ntho di le pedi ho wena,
o se nkganele ka tsona
pele ke eshwa:
8 Suthisetsa bolotsana le mashano
hole le nna,
o se ke wa nthuisa
kapa wa mphutsanehisa,
o mphepe ka dijo tse ntekaneng;
9 esere ha ke kgotshe
yaba ke a o latola,
ke re:
Kapa ka futsaneha,
yaba ke a utswa,
mme ka tlaela
ka lebitso la Modimo wa ka.
10 “O se ke wa nyedisa mohlanka
ho monga hae,
esere a o rohaka,
wa fumanwa o le molato.
11 “Moloko o teng
o rohakang bo-ntata wona,
o sa hlompheng le bo-mma wona.
12 Moloko o teng
o ithetsang ka ho re o hlwekile,
empa o sa hlwekiswa
ditshila tsa wona.
13 Moloko o teng o ikgohomosang,
o shebang batho ka ho ba nyedisa.
14 Moloko o teng
o meno a kang disabole,
oo a mohlaare a kang dithipa,
ho harola bafumanehi lefatsheng,
le bahloki ba phelang hara setjhaba.
15 “Koidi e na le madinyane
a le mabedi,
a kopang a re:
“Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng,
e, di nne tse sa ke be di re:
16 Ke lebitla le mosadi wa nyopa,
le mobu o omeletseng,
le mollo o sa ke be o re:
17 “Leihlo le tshehang ntata lona,
le nyedisang taelo ya mma lona,
makgwaba a dikgohlo a tla le honya,
mme madinyane a ntsu a le je.
18 “Ntho di tharo
tse mmakatsang haholo,
e, di nne tseo ke sa di tsebeng:
19 Mohlala wa ntsu sepakapakeng,
mohlala wa noha hodima lefika,
mohlala wa sekepe hara lewatle,
mohlala wa monna ho morwetsana.
20 “Mokgwa wa mosadi wa sefebe,
ke mokgwa o tjena:
O a ja, ebe o a itlhakola, o re:
21 “Ntho di tharo
tse reketlisang lefatshe,
di nne
tseo le ke keng la di mamella:
22 Ke lekgoba leo ebang kgosi,
le sethoto se nyonyobetseng,
23 le moshejwahang ha a nyalwa,
le lekgabunyane
le jang lefa la monga lona.
24 “Ntho di nne
tse nyenyane lefatsheng,
empa tse bohlale bo makatsang:
25 Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla,
empa bo bokella
dijo tsa bona hlabula.
26 Dipela ke tjhaba se fokolang,
empa di etsa
qhobo tsa tsona mafikeng.
27 Ditsie tsona ha di na kgosi,
empa ha di falla
di fofa ka mekgahlelo.
28 Mokgodutswane
o ka o tshwara ka letsoho,
empa o fumanwa
ka matlung a dikgosi.
29 “Ntho di tharo
tse bohehang ha di tsamaya,
e, di nne tse natlailang:
30 Ke tau,
batana se matla ho feta tsohle,
eo ho seng letho
leo e ka le balehang;
31 ke mokoko o qholoshang
hara dithole,
hape ke phooko,
ke kgosi
e futuhang ka mabotho a yona.
32 “Haeba o bile sethoto,
wa ikgantsha,
kapa wa nahana merero e mebe,
bea letsoho molomong o kgutse,
33 hoba lebese ha le fehlwa
le etsa sereledi,
le nko ha e otlwa e tswa mokola,
kahoo kgalefo e fehla meferefere.”