1 Ya kgopo o baleha
a sa phaladiswe ke motho,
ba lokileng
bona ba sebete jwaloka tau.
2 Tjhaba ha se le kgopo
se hlahlamanya babusi,
empa toka e hlaha
ka ya nang le bohlale le tsebo.
3 Mofumanehi
ya hatellang bafumanehi
o ka sekgohola se senyang dijalo.
4 Ba tlolang molao
ba thoholetsa ba kgopo,
empa ba o bolokang
ba hanyetsana le ba kgopo.
5 Batho ba kgopo
ha ba na kutlwisiso ya toka,
ba kgumamelang Morena
ba na le kutlwisiso ya tsohle.
6 Ho molemo ho ba mofutsana
ya phelang ka botshepehi,
ho ena le ho ba morui
ya phelang ka bolotsana.
7 Ya bolokang molao
ke mora ya bohlale,
ya tlwaetseng menyollo
o hlabisa ntatae dihlong.
8 Ya atisang ruo la hae
ka ho le tswadisa,
a le atise le ka ho hanyapetsa,
o le bokellela
ya tla hauhela mafutsana.
9 Ya ithibang ditsebe
hore a se utlwe molao,
thapelo tsa hae
le tsona ke manyala.
10 Ya kgelosang ba lokileng
hore ba ye tseleng tse kgopo,
o tla wela lemeneng
le tjhekilweng ke yena;
ba se nang molato
ba tla ja lefa la tse molemo.
11 Morui o ithetsa
ka ho re o bohlale,
mofutsana ya sedi
o lemoha boithetso boo ba hae.
12 Ha ba lokileng ba busa
tjhaba se a thoholetsa;
ha ba kgopo ba busa
tjhaba se a ipata.
13 Ya patang dibe tsa hae
a ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.
14 Ho lehlohonolo motho
ya tshabang Morena kamehla,
empa ya ithatafatsang pelo
o tla wela tsietsing.
15 Jwalokaha tau e puruma
le bere e kgobolaka,
mmusi ya kgopo o jwalo
ha a busa bafumanehi.
16 Mmusi ya sethoto
ke mmampodi ya sehloho;
ya hloileng maruo a bolotsana
o tla phela halelele.
17 Ya molato
wa ho tsholla madi a motho,
e tla ba mophaphathehi
ho isa lefung,
ho se be ya lekang ho mo thiba.
18 Ya phelang ka botshepehi
o tla fumana pholoho;
ya phelang ka bokgopo
yena hanghang o tla timela.
19 Ya lemang masimo a hae
o tla tjhaya haholo;
ya pheellang mafeela
o tla futsaneha haholo.
20 Motho ya tshepahalang
o tla hlohonolofala haholo,
athe ya potlakelang ho rua,
kotlo o tla e fumana.
21 Ho ahlola ka leeme
hase ntho e ntle,
empa motho a ka nna etsa sebe,
hore a fumane sengwathwana.
22 Ya mahlo a matsho
o potlakela leruo,
ha a nahane le hore bofuma
bo tla mo wela hodimo.
23 Ya kgalemang motho e mong,
o tla ratwa,
ho feta ya qekisang ka leleme la hae.
24 Ya utswetsang ntatae kapa mmae,
a ntsa ithetsa ka ho re:
“Hona hase sebe,”
ya jwalo yena
ke motswalle wa disenyi hantle.
25 Motho ya ikgohomosang
o fehla moferefere;
ya itshepelang Morena
o tla fumana katleho.
26 Motho ya sethoto
ke ya itshepang boyena,
ya sebetsang ka bohlale
o tla fumana pholoho.
27 Ya fanang ho mafutsana
ha ho seo a ka se hlokang;
ya sa a natseng ka letho
o tla rohakwa ke ba bangata.
28 Ha ba kgopo ba busa,
tjhaba se a ipata;
empa ha ba timela,
ba lokileng ba tla ngatafala.