1 O se ke wa kgahlwa,
wa kgahlwa ke ba kgopo,
o se lakatse
ho etsa setswalle le bona,
2 hobane ba inahanela
ho sebedisa dikgoka,
melomo ya bona e bua dimpe.
3 Bohlale ke bona bo hahang ntlo,
kutlwisiso yona e e tsitsise,
4 tsebo e tlatse dikamore
ka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa,
matlotlo a kgahlehang.
5 Ya bohlale o matla ho feta senatla,
ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.
6 O lwana ntwa
o itokiseditse yona hantle,
o e hlole
ka ho eletswa ke ba bangata.
7 Sethoto ha se utlwisise bohlale,
ka kgotla
se ke ke sa ahlamisa molomo.
8 Ya lohang mano a ho etsa bokgopo
batho ba mmitsa rabolotsana.
9 Merero ya bothoto ke sebe,
mosomi o nyonywa ke batho bohle.
10 Haeba o nyahama pelo
mohla ditsietsi,
o fela o fokollwa ke matla.
11 Lopolla ba iswang lefung,
o pholose ba iswang polaong.
12 Ha o ka re:
“Jo! re ne re sa tsebe!”
Na ya bonang dipelo
yena a ke ke a lemoha?
Ya baballang bophelo ba hao
yena o a tseba,
motho ka mong o tla mo putsa
ho ya ka mesebetsi ya hae.
13 Mora ka, eja mahe a dinotshi,
hobane a a latsweha,
o je kgekge ya dinotshi
hobane e a hlabosa.
14 Tseba hore bohlale bo jwalo
moyeng wa hao;
ha o ka bo fumana
o tla ba le katleho kamoso,
tshepo ya hao e ke ke ya fela.
15 Se lalle ntlo ya motho ya lokileng
jwalokaha senokwane se etsa;
lapa la hae o se ke wa le senyetsa,
16 hoba leha ya lokileng a ewa hasupa,
o ye a boele a tsohe,
athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.
17 O se ke wa thabela
ho wa ha sera sa hao,
pelo ya hao e se nyakalle
ha se kgothometseha;
18 esere Morena a bona,
mme a nyatsa,
a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.
19 O se ke wa itshwenya
ka ba etsang bobe,
kapa wa kgahlwa
ke ba etsang bokgopo;
20 ya kgopo ha ho letho
leo a le tshepileng,
bone la bophelo ba hae
le tla tingwa.
21 Mora wa ka,
tshaba Morena le kgosi,
o se ke wa ikopanya
le mahlabaphiyo,
22 hobane hanghang
koduwa e tla a wela hodimo.
Ana ke mang ya ka tsebang
tshenyo eo ba tla e etsa?
Polelo tse ding hape tsa ba bohlale
23 Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale:
Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.
24 Ya reng ho ya kgopo:
“Ha o na molato,”
tjhaba di tla mo rohaka,
merabe e mo nyonye;
25 empa ba ahlolang ya molato
ba tla atleha,
mahlohonolo a ba atele.
26 Ya arabang ka bokgabane
o supa setswalle sa nnete.
27 Hlopha mosebetsi wa hao o kantle,
ebe o lema tshimo ya hao,
o nto haha ntlo ya hao.
28 O se be paki
e tswang mohaeno ntle ho lebaka,
polelo tse thetsang
di se tswe molomong wa hao.
29 O se ke wa re:
“Ke tla busetsa molamu sefateng,
kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”
30 Ke ile ka feta
pela tshimo ya sekgoba,
ka ba ka feta
rapeng sa morara sa ya sethoto,
31 ka bona di rarieletswe ke meutlwa,
bobatsi le bona bo entse mofero,
marako le wona a se a helehile.
32 Ka bona, ka ba ka imamela,
ka tadima, ka ithuta sena:
33 Ha o ka re shwa!
wa boela wa re shwa!
wa phuthaphutha matsoho,
wa iphomolela,
34 fuma ba hao bo tla o nanarela,
bo o nanarele jwaloka senokwane,
tlala e o wele hodimo
sa motho a nkile dihlomo.