MAELE 22

1 Bitso le letle le molemo

ho feta maruo a mangata,

ho hlompheha ho molemo

ho feta silefera kapa kgauta.

2 Morui le mofutsana

ba tshwana ka sena:

Bobedi ba bona

ba bopilwe ke Morena.

3 Motho ya sedi o bona kotsi,

a e balehe;

ya se nang tsebo o hahamalla pele,

a be a yo wela.

4 Boikokobetso le ho tshaba Morena

di tlisa leruo le tlotla le bophelo.

5 Meutlwa le maraba

di tseleng ya ya kgopo,

empa ya ipaballang

yena o tla di qoba.

6 Ruta ngwana tsela ya ho phela,

ha a hodile a ke ke be a fapoha.

7 Barui ba laola mafutsana;

moadimuwa o fetoha

kgoba la moadimi.

8 Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi,

kgalefo ya hae

e ke ke ya mo thusa ka letho.

9 Motho ya fanang a thabile

o tla hlohonolofatswa,

hobane yena o fepa mafutsana.

10 Leleka mosomi

mme qabang di tla fela,

diphapang le mahlapa

le tsona di kgaotse.

11 Ya ratang pelo e hlwekileng,

eo polelo tsa hae di tletseng mohau,

kgosi e tla ba motswalle wa hae.

12 Mahlo a Morena

a fadimehela tsebo,

empa o nyopisa polelo

tsa ya sa tshepahaleng.

13 Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!”

kapa se re:

“Ke tla bolaelwa diterateng!”

14 Molomo wa sehlola

ke lemena le tebileng;

ya halefetsweng ke Morena

o tla wela ka ho lona.

15 Bothoto bo tlameletswe

ka pelong ya ngwana,

empa thupa ya tayo

e tla bo falatsa ka ho yena.

16 Ya tlatlapang mofutsana

ho ikekeletsa leruo,

a bile a etsetsa barui dimpho,

o tla futsaneha.

Maele a mashome a mararo

17 Thea tsebe

o mamele polelo tsa ba bohlale,

o ele hloko

ho ithuta tseo ke di tsebang,

18 hobane ho monate

ha o di boloka ka pelong ya hao,

kaofela ha tsona

di dutse molomong wa hao.

19 Kajeno ke hlile ke ruta wena,

Wena ka seqo,

e le hore o tlo tsebe

ho tshepa Morena.

20 Ke o ngoletse

polelo tse mashome a mararo,

tse nang le keletso le tsebo,

21 tse o rutang botshepehi

le ho bua nnete,

ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.

22 O se tlatlape mofutsana

hobane e le mofutsana,

o se sotle bahloki ka kgotla,

23 hobane Morena

o tla emela nyewe ya bona;

ba ba jeleng

le bona Morena o tla ba fedisa.

24 O se ke wa etsa setswalle

le motho ya bohale,

o se tlwaelane le sefelapelwana,

25 esere wa ithuta mekgwa ya sona,

yaba le wena o a tshwaswa.

26 O se ke wa ikana

ka ho etsa tshepiso,

o se itlame

ho lefa melato ya ba bang.

27 Ha o hloka seo o lefang ka sona

ba tla o hlakola

esita le moalo wa hao.

28 O se ke wa tlosa

mekolokotwane ya kgale,

e hlonngweng

ke baholoholo ba hao.

29 Ha o bona motho

wa setsebi sa mesebetsi,

tseba eo o tla sebeletsa dikgosi,

ha a ka ke a sebeletsa bathwana.