MAELE 20

1 Veine ke moikakasi,

jwala bo baka lerata,

ya kgeloswang ke tsona

o hloka bohlale.

2 Kgalefo ya kgosi

e jwaloka tau ha e puruma,

ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.

3 Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,

sethoto sona ke maratahelele!

4 Sekgoba ha se ke se lema

ka nako ya teng,

ha ho kotulwa se a kopa,

ha se fumane letho.

5 Pelong ya motho

merero e ka metsi a bodiba,

ya nang le kutlwisiso

yena o a e fihlela.

6 Motho ka mong

o ithorisa ka molemo wa hae,

ya tshepahalang

yena a ka fumanwa ke mang?

7 Metsamao ya ya lokileng

ha e na kodi,

bana ba hae ba tla hlohonolofala.

8 Kgosi ha e dutse

tulong sa yona sa kahlolo,

ka mahlo a yona

e tsheka bobe bohle.

9 Ke mang ya ka reng:

“Ke hlwekisitse pelo ya ka,

nna ke hlwekile ha ke na sebe?”

10 Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng,

esita le boima bo sa lekaneng,

bobedi ke manyala,

ke manyala mahlong a Morena.

11 Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae,

e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.

12 Tsebe e mamelang

le leihlo le bonang,

bobedi ba tsona

di entswe ke Morena.

13 Se rate boroko, esere wa futsaneha;

se robale, o tlo atelwe ke tjhai.

14 “Ha e a loka! Ha e a loka!”

ho rialo moreki.

Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.

15 Kgauta e teng

le mabenyane a bohlokwa a teng,

empa molomo o bolelang tsebo

ke lehakwe la bohlokwa.

16 Ya itlamang ka molato wa e mong,

o mo nkele kobo ya hae,

o e bee paneng ha a itlamme

ka molato wa motho eo.

17 Dijo tse fumanweng ka bolotsana

di monate ho motho,

empa hamorao molomo wa hae

o tlala lehlohlojane.

18 Rala merero ya hao

ka ho batla keletso,

ntwa o e lwane

o se o fumane keletso.

19 Ya ratang ditshebo

o hlahatsa makunutu,

motho wa lehehle

eka kgona o mo kwekwetle.

20 Haeba motho

a rohaka ntatae kapa mmae,

bone la hae le tla tingwa

hoja ho le lefifi.

21 Leruo le bokellwang

ka potlako sethathong,

qetellong le ke ke

la hlohonolofatswa.

22 Se ke wa re:

“Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!”

Lebella Morena, o tla o namolela.

23 Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng

ke manyala mahlong a Morena;

dikala tsa bolotsana

le tsona ha di mo thabise.

24 Mehato ya motho

e laolwa ke Morena,

ebe jwale motho

tsela a ka e tseba jwang?

25 Ho abela Morena mpho ka potlako

ke leraba ho motho,

ebe hamorao o ipelaetsa

ka boitlamo ba hae.

26 Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo,

e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.

27 Bone la Morena

ke wona moya wa motho,

le bonesa bokahare

ba pelo ya motho.

28 Kgosi e sireletswa

ke lerato le botshepehi

terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.

29 Tlotla ya batjha ke matla a bona,

moriri o moputswa

ke bokgabane ba maqheku.

30 Mehwabadi

ke yona pheko ya bokgopo,

meupa e hlwekisa bokahare ba pelo.